DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Boineelo

  • E mong o re: “Ke dumeletswe ka dintho tsohle,” empa hase ho re tsohle di na le molemo. E, ke dumeletswe ka dintho tsohle, empa ha nka ke ka laolwa le ke e le nngwe ya tsona.
  • Ha ho meleko e kileng ya le hlahela, e fetang matla a botho. Modimo o a tshepahala, mme a ke ke a dumela hore le lekwe ho feta matla a lona. Ha le lekwa o tla le fa matla a ho mamella, le monyetla wa hore le tsebe ho hlola.
  • Fadimehang, mme le rapele, hore le se kene molekong; moya o mafolofolo, empa mmele o a fokola.
  • Kreste o re lokolotse, hore re fele re be le bolokolohi. Tiisetsang ke hona, mme le se ke la dumela ho boela le jariswa joko ya bokgoba.
  • Ha re se re entswe ntho e le nngwe le Kreste ka lefu le tshwanang le la hae, re tla ba jwalo le ka tsoho e tshwanang le ya hae. Re a tseba hore botho ba rona ba kgale bo thakgisitswe le yena, hore boleng ba rona bo buswang ke sebe bo timetswe, re tle re se hlole re eba makgoba a sebe.
  • Ka baka leo, ikokobeletseng Modimo. Lwantshang Diabolosi, mme o tla le baleha.
  • Mohau wa Modimo, o pholosang batho bohle, o bonahetse. O re ruta ho tela bokgopo le ditakatso tsa lefatshe, re tle re phele re le sedi, re lokile, re ena le borapedi mehleng ya jwale.
  • Hobane tsohle tsa lefatshe: ditakatso tsa botho, tse hohelang mahlo, le ho ikgantsha ka maruo, tsena hase tse tswang ho Ntate, empa ke tse tswang ho lefatshe.
  • Jesu a ba araba, a re: “Kannetenete, ke a le bolella hore e mong le e mong ya etsang sebe ke lekgoba la sebe.”
  • Hobane le a tseba hore ho lekwa ha tumelo ya lona ho tswala mamello.
  • Kapa na ha le tsebe hore mmele ya lona ke tempele ya Moya o Halalelang o ka ho lona, oo le o filweng ke Modimo? Le hore le ba e mong? Le rekilwe ka theko e phahameng. Ka baka leo, tlotlisang Modimo ka mmele ya lona.
  • O re phemise ho kena molekong,
    o mpe o re lopolle bobeng,
    hobane Mmuso ke wa hao,
    le matla, le tlotla,
    kamehla le mehla. Amen.
  • Jwale ha Mora a le lokolla, le tla be le lokolohile ka sebele.
  • Le letswai la lefatshe, empa ha letswai le ka tapa, le ka tswaifatswa kang? Ha le sa na thuso, haese hore le lahlelwe kantle, le hatakelwe ke batho.
  • Jwale Jesu a re ho Bajuda ba dumetseng ho yena: “Ha le tiisetsa lentsweng la ka, le barutuwa ba ka kannete; le tla tseba nnete, mme nnete e tla le lokolla.”
  • Empa le apare tsa Morena Jesu Kreste, mme le kgaotse ho kgotsofatsa ditakatso tsa botho.

Temana ya Bibele ya lehono

Empa nna Modimo o a nthusa,
Morena ke mmaballi e moholo,
ke mmaballi wa bophelo ba ka.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Motho ka mong a ipolele dibe ho ba bang, mme le rapellane, hore le tle le fole. Thapelo ya motho ya lokileng e matla haholo.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela