DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

JEREMIA 17

  • Ho lehlohonolo motho
    ya itshepetseng Morena,
    eo tshepo ya hae
    e leng yena Morena.
    O tla tshwana le sefate
    se lemilweng pela metsi,
    seo metso ya sona
    e namelang pela molatswana.
    Ha se ke se tshoswa
    ke ho fihla ha lebatama,
    mahlaku a sona
    a matalana kamehla,
    ka nako ya komello
    ha se ke se tshwenyeha,
    kamehla se beha
    ditholwana tsa sona.
  • Pelo e tletse mano
    ho feta dintho tsohle,
    e senyehile
    hoo e ke keng ya phekolwa,
    ke mang ya ka e utlwisisang?
    “Ke nna Morena ya lekolang dipelo,
    mohopolo le wona o lekolwa ke nna.
    Ke putsa motho
    ho ya ka diketso tsa hae,
    ho latela tholwana
    tsa mesebetsi ya hae.”
  • Mphodise, Morena,
    mme ke tla fola,
    mpholose, Morena,
    mme ke tla pholoha,
    hobane ke wena eo ke mo rorisang.

Temana ya Bibele ya lehono

Ha eo a etla, o tla kgodisa lefatshe ka tsa sebe, le ka tsa toka, le ka tsa kahlolo.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Ha ho le jwalo, baratuwa, kaha re etseditswe ditshepiso tse jwalo, a re itlhwekiseng ditshileng tsohle tsa nama le tsa moya, ka ho phethahatsa kgalaletso ya rona, re ntse re tshaba Modimo.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela