DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Mohau

  • Ka baka leo, a re atameleng ka sebete teroneng ya mohau, re tle re amohele lereko, re fumane le mohau ho re thusa ha re hloka thuso.
  • Eyang, le ithute hore na ke ho reng ha ho thwe: ‘Ke thabela mohau, e seng sehlabelo.’ Ke tlile ho bitsa baetsadibe, e seng ba lokileng.
  • Empa, erekaha Modimo a le mohau haholo, ka baka la lerato leo a re ratang ka lona, o re tsositse bafung le Kreste, ha re ne re shwele ka baka la ditshito tsa rona. Hopolang he, hore ke ka mohau wa hae le pholositsweng.
  • Oho, Modimo, ako nkgauhele
    ka mohau wa hao,
    ho ya ka boholo ba lerato la hao
    ako hlakole melato ya ka.
    Ntlhatswisise bokgopo ba ka,
    o ntlhwekise sebe sa ka.
  • Hobane Morena Modimo wa lona, o mosa, o mohau. A ke ke a le furalla, ha le kgutlela ho yena.
  • Ke Modimo ofe
    ya tshwanang le wena?
    Ya tshwarelang dibe, a leballe ditlolo
    tsa masalla a setjhaba sa hae?
    Wena o Modimo
    ya sa halefeleng ruri,
    wena o Modimo
    ya thabelang ho hauhela.
  • Empa Morena o rata ho le hauhela,
    o labalabela ho tla le rekolohela,
    hobane Morena
    ke Modimo wa toka,
    ho lehlohonolo bohle
    ba mo lebeletseng.
  • Ha le tshwarela batho diphoso tsa bona, le lona Ntata lona ya mahodimong o tla le tshwarela.
  • Morena, hopola lerato
    le mohau wa hao,
    hobane esale o le teng
    ho tloha kgale.
    Nteballe dibe le ditlolo
    tsa botjha ba ka,
    nkgopole ka mohau wa hao.
  • Bana beso, ka baka la mohau wa Modimo, ke a le rapela hore le ineele Modimo, le le sehlabelo se phelang, se halalelang, se mo kgahlisang, e leng tshebeletso ya lona e tshwanelehang.
  • Morena, o se ke wa ntima
    lerato la hao,
    mohau wa hao le nnete ya hao
    di nne di mpoloke ka mehla yohle.
  • Ruri lehlohonolo le mohau
    di tla ba le nna,
    ka matsatsi wohle a bophelo ba ka;
    mme ke tla phela ka tlung ya Morena,
    ke phele kateng kamehla yohle.
  • Morena Modimo wa rona
    a ke a be mosa ho rona,
    a atlehise mosebetsi
    wa matsoho a rona,
    e, a atlehise mosebetsi
    wa matsoho a rona.
  • Jwale? Na re tla etsa sebe, kahobane re se tlasa Molao, re mpa re le tlasa mohau? Le kgale!
  • Ho lehlohonolo motho ya mosa,
    motho ya adimanang,
    ya sebetsang ditaba tsa hae ka toka.
  • Empa ka baka la mehauhelo
    e meholo ya hao,
    ha o a ka ba timetsa
    le ho ba furalla,
    hobane o Modimo ya lereko,
    ya mohau.
  • Ke ipiletsa ho wena Morena,
    ke le tlasetlase.
    Morena, ako utlwe lentswe la ka!
    Tsebe tsa hao di ke di mamele
    ha ke etsa thapedi ya ka.
  • Modimo o ratile lefatshe hoo a le neileng Mora wa hae ya tswetsweng a inotshi, hore e mong le e mong ya dumelang ho yena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.
  • Empa a re ho nna: “Mohau wa ka o o lekane, hobane matla a ka a phethahala ka ba fokolang.” Ha ho le jwalo, ke tla ithorisa ka bofokodi ba ka ka thabo e kgolo, hore matla a Kreste a tle a be ho nna.
  • Ya patang dibe tsa hae
    a ke ke a ba le katleho;
    ya ipolelang tsona, a di bakela,
    o tla fumana mohau.
  • Empa mpho ya mohau ha e jwaloka tshito, hobane ha e le moo bohle ba ile ba shwa ka tshito ya motho eo a le mong, mohau wa Modimo le mpho e filweng bohle ka mohau wa motho a le mong, e leng Jesu Kreste, tsona di kgolo ho feta hakaakang!
  • Ya kgopo
    a furalle ditsela tsa hae,
    molotsana
    a furalle mehopolo ya hae,
    a sokolohele ho Morena wa hae,
    mme Morena o tla mo hauhela;
    a sokolohele ho Modimo wa rona,
    hobane yena o tshwarela haholo.
  • Jwale Petrose a tla ho yena, a re: “Morena, ngwaneso ha a ntse a ntshitelwa ke tla mo tshwarela hakae? Hasupa na?” Jesu a re ho yena: “Ke re ho wena e seng hasupa, empa ha mashome a supileng hasupa.”
  • A re pholosa, e seng ka baka la mesebetsi e lokileng eo re e entseng, empa e le ka baka la lereko la hae. A re pholosa ka tlhatsuo ya ho tswalwa botjha, eo Moya o Halalelang o re ntjhafatsang ka yona.
  • Mohau wa Morena Jesu Kreste, le lerato la Modimo, le phedisano le Moya o Halalelang di ke di be le lona bohle.

Lona le filwe lehlohonolo, e seng feela la ho dumela ho Kreste, empa le la ho mamella mahloko ka baka la hae.
Bala tše dingwe...

Temana ya Bibele ya lehono

Ha eo a etla, o tla kgodisa lefatshe ka tsa sebe, le ka tsa toka, le ka tsa kahlolo.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela