DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

1 PETROSE 3

  • Mokgabo wa lona e se ke ya eba o bonwang, jwaloka meriri e lohilweng, mekgabiso ya kgauta le diaparo tse ntlehadi. Mokgabo wa lona o sa senyeheng o tswe botebong ba dipelo tsa lona, e leng moya wa mosa le kgutso, oo e leng ntho ya bohlokwa ho Modimo.
  • Le lona banna, le phedisane le basadi ba lona, le ntse le tseba hore ba fokola ho le feta. Le ba hlomphe hobane le bona, hammoho le lona, ke majalefa a bophelo boo Modimo a le neang bona. Etsang hona e le hore dithapelo tsa lona di tle di se ke tsa sitiswa.
  • Ke qetella ka ho re lona bohle le be pelonngwe, le utlwelane bohloko, le ratane jwaloka bana ba motho, le be mosa, le ikokobetse.
  • Se busetseng bobe ka bobe, kapa tlhapa ka tlhapa, empa le hlohonolofatse, hobane Modimo o le bitseditse ho ja lefa la mahlohonolo, hobane ho thwe.
  • Ya ratang ho phela,
    le ho bona matsatsi a thabo,
    a tshware leleme la hae
    ho bua tse mpe,
    le molomo wa hae
    ho bua thetso.
    A furalle bobe, a etse botle,
    a batle kgotso, a e pheelle.
  • Hobane mahlo a Morena
    a tadima ba lokileng,
    le ditsebe tsa hae
    di mamela thapelo tsa bona;
    sefahleho sa hae se sosobane
    se sosobanetse ba etsang bobe.
  • Haeba le thahasella nnete, ke mang ya ka le etsang hampe?
  • Empa haeba batho ba le hlokofaletsa ho loka ha lona, le lehlohonolo. Le se ke la ba tshaba, mme le se ke la ferekana.
  • Empa dipelong tsa lona le hlomphe Kreste, eo e leng Morena. Kamehla le itokisetse ho ikarabella ho bohle ba le botsang tsa tshepo eo le nang le yona.
  • Metsi ana ke setshwantsho sa kolobetso e re pholosang jwale. Kolobetso hase ho hlatsuwa ditshila tsa mmele, empa ke ho itlama ho Modimo ka letswalo le kgutsitseng. E le pholosa ka tsoho ya Jesu Kreste.

Temana ya Bibele ya lehono

Ha eo a etla, o tla kgodisa lefatshe ka tsa sebe, le ka tsa toka, le ka tsa kahlolo.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Ka baka leo, bana beso ba ratehang, le tiye, le se ke la thekesela, le nne le sebeletse Morena ka mesebetsi e mengatangata kamehla, le ntse le tseba hore mofufutso wa lona hase wa lefeela pela Morena.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela