DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Boloka (September 2014)

Tuesday, September 30, 2014

Ya bolokang ditaelo tsa Modimo o phela ka ho Modimo, le Modimo o phela ka ho yena. Ka Moya o Halalelang oo Modimo a re neileng wona, re tseba hore Modimo o phela ka ho rona.

Monday, September 29, 2014

Tumelo ke ho tshepa dintho tse ntseng di lebeletswe, ke ho kgodiseha ka tse esong ho bonwe.

Sunday, September 28, 2014

Morena o lopolla bophelo
ba bahlanka ba hae;
ho ba tshabelang ho yena,
ha ho le ya mong ya tla ahlolwa.

Saturday, September 27, 2014

Morena a ke a eketse, mme a totise lerato la lona, hore le ratane, mme le rate batho bohle, jwalokaha le rona re le rata.

Friday, September 26, 2014

Hlokomelang metsamao ya lona haholo; le se be dithoto, le mpe le be ba bohlale, le sebedise monyetla oo le o fumanang, hobane mehla ena e mebe.

Thursday, September 25, 2014

Ho se be ya ipatlelang tse molemo, empa e mong a batlele e mong tse molemo.

Wednesday, September 24, 2014

Empa nna ke re ho lona ba mmametseng: Ratang dira tsa lona, etsang ba le hloileng hantle, hlohonolofatsang ba le rohakang, mme le rapelle ba le etsang hampe.

Tuesday, September 23, 2014

Hlomelang ka dihlomo tsohle tsa Modimo, hore le tle le tsebe ho qhela maraba a Diabolosi.

Monday, September 22, 2014

O setshabelo sa ka,
o tla mphemisa matshwenyeho;
o nteela hare, o a ntopolla.

Sunday, September 21, 2014

Le hoja re le batho, ha re lwanele tsa botho.

Saturday, September 20, 2014

Ya lalang diphoso ka mmele
o qeka ho ratwa,
athe ya di pepesang
yena o senya setswalle.

Friday, September 19, 2014

Ya re pholositseng, mme ya re bitseditseng hore re halalele, e seng ka baka la mesebetsi ya rona, empa e le ka baka la morero wa hae le mohau wa hae. O re file mohau ona ka Kreste Jesu, mehla e eso be teng.

Thursday, September 18, 2014

Ho lehlohonolo motho
ya itshepetseng Morena,
eo tshepo ya hae
e leng yena Morena.
O tla tshwana le sefate
se lemilweng pela metsi,
seo metso ya sona
e namelang pela molatswana.
Ha se ke se tshoswa
ke ho fihla ha lebatama,
mahlaku a sona
a matalana kamehla,
ka nako ya komello
ha se ke se tshwenyeha,
kamehla se beha
ditholwana tsa sona.

Wednesday, September 17, 2014

Thabang kamehla, se phetseng ho rapela, lebohang dinthong tsohle, hobane tsena ke tsona tseo Modimo a ratang hore le di etse ka Kreste Jesu.

Tuesday, September 16, 2014

O ile a tima lenyora
la ba nyorilweng,
a kgorisa ba lapileng
ka tse molemo.

Monday, September 15, 2014

Motho wa nnete
o tsamaya a sireletsehile,
ya se nang nnete, yena o tla senolwa.

Sunday, September 14, 2014

Sebe se ke ke sa ba le matla hodima lona, hobane ha le sa le tlasa Molao, empa le tlasa mohau.

Saturday, September 13, 2014

Dihlodilweng tsohle di lebeletse ka tlholohelo e kgolo ho bonahatswa ha bana ba Modimo.

Friday, September 12, 2014

Ruri lehlohonolo le mohau
di tla ba le nna,
ka matsatsi wohle a bophelo ba ka;
mme ke tla phela ka tlung ya Morena,
ke phele kateng kamehla yohle.

Thursday, September 11, 2014

Matlafatsa mehato ya ka
ho ya ka tshepiso ya hao,
o se dumelle hore ke buswe ke bobe.

Wednesday, September 10, 2014

Bohle ba tswetsweng ke Modimo ba hlola lefatshe. Tlholo eo re hlolang lefatshe ka yona ke tumelo ya rona.

Tuesday, September 9, 2014

Ha re a ka ra tla le letho lefatsheng, ka mokgwa o jwalo ha re ka ke ra nka letho ho lona ha re tloha. Ha re ena le dijo le diaparo, re di kgotsofalle.

Monday, September 8, 2014

Ya bohlale
o tla mamela molao pelong ya hae,
sethoto se beberang
sona se tla timela.

Sunday, September 7, 2014

Morena o na le kutlwelobohloko,
Morena o mosa;
o dieha ho halefa, o tletse mohau.

Saturday, September 6, 2014

Haeba Moya wa ya tsositseng Jesu bafung o phela ka ho lona, ya tsositseng Kreste bafung o tla phedisa le mmele ya lona e shwang, ka Moya wa hae o phelang ka ho lona.

Friday, September 5, 2014

Mora wa ka,
se nyedise kgalemelo ya Morena,
se kgathale ha a o laya,
hoba Morena o kgalema
eo a mo ratang,
sa ntata, ngwaneng eo a mo ratang.

Thursday, September 4, 2014

Ka sebele sa wona, Moya wa Modimo o pakelana le meya ya rona hore re bana ba Modimo.

Wednesday, September 3, 2014

Ako bontshe mohlanka wa hao,
o mmontshe sefahleho,
sefahleho se kganyang kgotso,
o mpholose ka mohau wa hao.

Tuesday, September 2, 2014

Hase lona le nkgethileng, empa ke nna ke le kgethileng, mme ke le beile hore le ye, le behe ditholwana, mme ditholwana tsa lona di dulele ruri, hore eng le eng eo le e kopang Ntate ka lebitso la ka, a le fe yona.

Monday, September 1, 2014

Ha ho le jwalo, ha le sa le melata kapa bajaki, empa le se le le baahi ba sebele hammoho le bahalaledi, mme le ba lelapa la Modimo. Le hahilwe hodima motheo oo e leng baapostola le baporofeta, oo Kreste Jesu ka sebele e leng lejwe la mantlha la wona.

Temana ya Bibele ya lehono

Mora wa ka,
mamela mantswe ana a ka,
o sekehele polelo tsa ka tsebe.
Polelo tsa ka o se di lebale,
o di boloke ka pelong ya hao.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela