DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Tlholo

  • Tshimolohong Modimo o ne a hlole lehodimo le lefatshe. Lefatshe le ne le se na sebopeho, le se na letho; lefifi le ne le aparetse bodiba. Moya wa Modimo o ne o okaokela metsi.
  • Ke wena ya bopileng
    bokahare ba ka,
    ya kopantseng ditho tsa ka
    ke sa le popelong ya mme.
    Ke a o boka,
    hobane o mpopile
    ka mokgwa o makatsang;
    mesebetsi ya hao e a hlolla,
    hona ke ho tseba hantle.
  • Efela ntlo e nngwe le e nngwe e na le sehahi sa yona, mme sehahi sa tsohle ke Modimo.
  • Ho tloha tlholehong ya lefatshe, tse sa bonweng tsa hae, ke ho re matla a hae a sa feleng le bomodimo ba hae, haesale di bonwa hantle, mme di utlwisiswa ka tse entsweng ke yena. Kahoo ba hloka boitatolo.
  • Oho, Morena Modimo, o entse lehodimo le lefatshe ka matla a hao a maholo, le ka letsoho la hao le otlolohileng, mme ha ho letho le ka o sitang.
  • Modimo a hlohonolofatsa letsatsi leo la bosupa, a le halaletsa, hobane ka lona o ile a phomola mosebetsing wa hae wohle, oo a o entseng ka ho o hlola.
  • Tsohle di tswa ho Modimo, di teng ka yena, mme ke tsa hae. Tlotla e ke e iswe ho yena kamehla le mehla. A ho be jwalo!
  • Mahlo a ka a tadima dithabeng;
    ekaba thuso ya ka e tla tswa kae?
    Thuso ya ka e tswa ho Morena,
    ya entseng mahodimo le lefatshe.
  • Re dibopuwa tsa Modimo, ka Kreste Jesu o re bopetse ho etsa mesebetsi e metle, eo a neng a e lokise e sa le pele hore re tle re e etse.
  • Yaba Modimo o bopa motho ka setshwano sa hae, o mmopa ka setshwano sa Modimo; a bopa e motona le e motshehadi.
  • Na ha le tsebe,
    kapa ha le eso utlwe?
    Morena ke Modimo
    wa kamehla yohle,
    ke yena Mmopi wa lefatshe lohle.
    A ke ke a kgathala kapa a tepella,
    mehopolo ya hae
    e ke ke be ya fihlelwa.
  • Mahodimo a entswe
    ka lentswe la Morena,
    le mabotho wohle a wona
    ka polelo ya molomo wa hae.
  • Dithaba di eso be teng,
    le lefatshe, le tsohletsohle
    di eso hlahe,
    haesale o le Modimo
    ya se nang bofelo.
  • O entse hore ntho e nngwe le e nngwe e lokele nako ya yona; o neile batho takatso ya ho tseba tsa kgale le tse tlang ho tla, empa ha ba na ho fihlela kutlwisiso ya seo Modimo a se entseng ho tloha tshimolohong ho isa qetellong.
  • Dihlodilweng tsohle di lebeletse ka tlholohelo e kgolo ho bonahatswa ha bana ba Modimo.
  • Jwale Modimo a re: “A re etseng motho ka setshwano sa rona le ka sebopeho sa rona, mme a laole ditlhapi tsa lewatle, le dinonyana tse fofang, le makgomo, le lefatshe lohle, le tsohle tse hahabang hodima lefatshe.”
  • Lena ke lona letsatsi
    le entsweng ke Morena;
    a re nyakalleng,
    re thabeng ke hona.
  • Yena eo leaho la hae
    le leng mahodimong,
    metheo ya lona
    o e hlomme hodima lefatshe;
    yena ya bokellang metsi a lewatle,
    a a bokelle,
    a a tshollele hodima lefatshe;
    lebitso la hae ke Morena.
  • Thuso ya rona e tswa ho Morena,
    ya entseng mahodimo le lefatshe.
  • Ka tsela ena, ha motho a le ho Kreste, ke mmopuwa e motjha; tsa kgale di fetile, tse ntjha di hlahile.
  • Le dibopuwa tsohle tse lehodimong, le tse lefatsheng, le tse botebong ba lefatshe, le tse lewatleng, tsohle tse ho tsona ka di utlwa di re: “Ho ya dutseng teroneng le ho Konyana e be thoriso, le hlompho, le tlotla, le matla, kamehla le mehla.”
  • Re phela ka yena, re tsamaya ka yena, re teng ka yena, jwalokaha le baroki ba bang ba lona ba itse: “Hobane re bile re bana ba hae.”
  • Dintho tsohle di bile teng ka lona, mme ha ho letho le bileng teng haese ka lona.
  • Ho madimabe
    ya tsekisanang le Mmopi wa hae,
    yena e leng lengetana
    hara mangetana!
    Na letsopa
    le ka re ho sebopi sa lona:
    ‘O etsang?’
    Na mosebetsi wa hao o ka re:
    ‘Ha o na tsebo’?
  • Ka ho rata ha hae o re tswetse ka lentswe la nnete, re tle re be ho kang matsibolo hara dibopuwa tsa hae.

Jwale Morena Modimo a re: “Hase hantle hore motho a be inotshi; ke tla mo etsetsa molekane ya mo thusang.”
Bala tše dingwe...

Temana ya Bibele ya lehono

Ke Modimo ofe
ya tshwanang le wena?
Ya tshwarelang dibe, a leballe ditlolo
tsa masalla a setjhaba sa hae?
Wena o Modimo
ya sa halefeleng ruri,
wena o Modimo
ya thabelang ho hauhela.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Ha e mong a lla ka e mong le mamellane, mme le tshwarelane jwalokaha le Morena a le tshwaretse.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela