DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

BAFILIPI 2

  • Le se ke la etsa letho ka kgang kapa ka boithoriso ba lefeela, empa ka boikokobetso e mong le e mong wa lona a nke ba bang ba le baholo ho yena.
  • Ebang le maikutlo ana a neng a le ho Kreste Jesu.
  • Yena, o ne a ena le boleng ba Modimo, mme o ne a sa hopole hore o iphamolela letho ha a re, o lekana le Modimo, empa o ile a iketsa lefeela, a inkela boleng ba lekgoba, a tshwana le batho, a phela jwaloka motho. O ile a inyenyefatsa, ya eba ya mamelang ho isa lefung, le hona lefu la sefapano.
  • Ka baka leo, Modimo o ile a mo phahamisetsa hodimodimo, mme a mo fa lebitso le hlomphehang ho feta mabitso wohle, e le hore, ha ho bitswa lebitso la Jesu, mangwele wohle a lehodimong, le a lefatsheng, le a katlasa lefatshe, a tle a kgumame.
  • Mme maleme wohle a tle a bolele hore “Jesu Kreste ke Morena,” e be tlotliso ho Modimo Ntate.
  • Etsang tsohle ntle ho pelaelo kapa ngangisano, e le hore le tle le hloke molato, le se ke la nyatseha, le be bana ba Modimo ba hlokang kodi, hara moloko ona o kgopo, o bolotsana, oo ho wona le kganyang jwaloka dinaledi sebakeng, ka ho o tlisetsa lentswe la bophelo.

Temana ya Bibele ya lehono

Ke Modimo ofe
ya tshwanang le wena?
Ya tshwarelang dibe, a leballe ditlolo
tsa masalla a setjhaba sa hae?
Wena o Modimo
ya sa halefeleng ruri,
wena o Modimo
ya thabelang ho hauhela.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Jwale kantle ho tumelo ha ho kamoo motho a ka kgahlisang Modimo kateng. Ya atamelang pela Modimo eka kgona a dumele hore Modimo o teng, le hore ke yena ya putsang ba mmatlang.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela