Bophelo ba lona bo se ke ba buswa ke ho rata tjhelete. Le kgotsofalle seo le nang le sona, hobane Modimo ka boyena o itse: “Ha nka ke ka o lahla, kapa ka o furalla.”
Modimo ya re fang kgotso, ya tsositseng Morena wa rona Jesu bafung, yena Jesu ya ileng a etswa modisa e moholo wa dinku ka madi a selekane se sa feleng, a ke a le fe tsohle tse molemo, tseo le di hlokang ho phetha thato ya hae. Tse mo kgahlisang a ke a di bope ka dipelong tsa rona, ka Jesu Kreste, ya lokelwang ke tlotla kamehla le mehla. A ho be jwalo!
Bana beso, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste ke ipiletsa ho lona hore bohle le be ntsweleng, dikarohano di be siyo hara lona, le mpe le utlwane, le be le maikutlo a le mang le kgopolo e le nngwe.