O ile a nyediswa, a furallwa ke batho, ya eba motho wa mahlomola, ya tsebang mahloko. A tshwana le eo batho ba tshabang le ho mo tadima; o ile a nyediswa, ra se ke ra mo natsa.
Ruri o ipelesitse mahloko a rona, malwetse a rona le wona a inkela wona, empa rona ra hopola e le ya otlwang, ya shapuwang, le ho hlokofatswa ke Modimo.
O ila hlajwa ka baka la ditshito tsa rona, a tetetswa ka baka la dibe tsa rona, kotlo e re tlisetsang kgotso ya mo wela hodimo, ra fodiswa ke maqeba a hae.
“Bao e tla ba ba ka,” ho rialo Morena wa mabotho, “e be ba ka mohla letsatsi leo ke le kgethileng. Ke tla ba baballa jwalokaha ntata a baballa mora wa hae ya mo sebeletsang.”
Ha o tshela hara madiba ke tla ba le wena; ha o tshela dinoka ha di ka ke tsa o nka. Ha o tsamaya hara mollo ha o ka ke wa tjha, malakabe ha a ka ke a o tjhesa.