- Kamehla thabang ka ho ba ho Morena; ke boela ke re: Thabang!
- Hlompha ntatao le mmao, e le hore o tle o phele halalele naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona.
- Pholoho ya ka
e tswa ho Modimo,
le tlotla ya ka
e tswa ho yena,
ke yena lefika la ka le matla;
Modimo ke setshabelo sa ka. - Tshimolohong Lentswe le ne le le teng. Lentswe le ne le le ho Modimo, mme Lentswe e ne e le Modimo.
- Jwalokaha tsela ya moya
o sa e tsebe,
kapa popeho ya ngwana
ka popelong,
o ke ke wa tseba
mesebetsi ya Modimo,
e leng yena ya entseng tsohle. - Tsebang ke hona hore Morena Modimo wa lona, ke yena Modimo. Ke Modimo ya tshepahalang, ya bolokang selekane le lerato la hae le tiileng ho ba mo ratang, le ho ba bolokang melao ya hae, ho isa melokong e sekete.
- “Ke nna Alfa le Omega,” ho rialo Morena Modimo, ya leng teng, ya bileng teng, ya tlang ho tla, ya matla wohle.
- Mme o rate Morena Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka maikutlo a hao wohle, le ka matla a hao wohle.
- Thuso ya rona e tswa ho Morena,
ya entseng mahodimo le lefatshe. - Bohle ba tswetsweng ke Modimo ba hlola lefatshe. Tlholo eo re hlolang lefatshe ka yona ke tumelo ya rona.
- Morena o tla phetha
seo a ntheretseng sona.
Morena, mohau wa hao
ke wa kamehla yohle;
o se lahle
mosebetsi wa diatla tsa hao. - Ka baka leo he, ho tloha ka letsatsi lena tsebang, mme le se ke la lebala hore Morena ke yena Modimo ya hodimo, lehodimong, le ya lefatsheng, katlase ho lefatshe. Ha ho na Modimo e mong.
- Batlang Morena le matla a hae;
le nne le batle fahleho sa hae,
le se batle kamehla le mehla. - Ntho e le nngwe feela
eo ke e kopang,
eo ke e batlang ho Morena,
ke hore ke phele ka tlung ya Morena
ka matsatsi wohle a bophelo ba ka,
ke tle ke bohe
bokgabane ba Morena,
ke bo nahanisise
ke le ka Tempeleng ya hae. - Modimo o mong, le mmoelanyi pakeng tsa Modimo le batho o mong, e leng Kreste Jesu eo e leng motho.
- Tsena tsohle
di tswa ho Morena wa mabotho,
keletso tsa hae ke tse makatsang,
bohlale ba hae ke bo tebileng. - Mang le mang ya tla rapela Morena, o tla pholoswa.
- Ya se nang lerato ha a tsebe Modimo, kaha Modimo ke lerato.
- Morena o beile leihlo la hae
ho ba mo tshabang,
bona ba tshepileng mohau wa hae. - Mme maleme wohle a tle a bolele hore “Jesu Kreste ke Morena,” e be tlotliso ho Modimo Ntate.
- Ke nnete, lona le ne le ntheretse bokgopo, empa Modimo o ile a bo fetola molemo, e le hore a tle a etse jwalokaha a entse kajeno, a pholose setjhaba se sengata.
- Kgaotsang, le tsebe
hore nna ke Modimo,
ke tla okamela ditjhaba,
ke okamele lefatshe. - Morena e tla ba yena kgosi ya lefatshe lohle. Mohla tsatsi leo, Morena o tla ba mong, le lebitso la hae e be lona le inotshi.
- Molaetsa oo le ileng la o utlwa ho Mora wa hae, oo re le bolellang wona, ke ona: Modimo ke lesedi, mme ho yena lefifi ha le yo ho hang.
- Haeba e se Morena
ya hahang ntlo,
ba e hahang ba sebeletsa lelea.
Haeba e se Morena
ya lebelang motse,
ya o lebelang o fadimehela lefeela.
Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Potego
Empa Morena o a...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Maatla
O se ke wa...
Jesu
Jesu a ba tadima...
Legodimo
Mohla ho hlahang taelo...
Temana ya Bibele ya lehono
“Bao e tla ba ba ka,” ho rialo Morena wa mabotho, “e be ba ka mohla letsatsi leo ke le kgethileng. Ke tla ba baballa jwalokaha ntata a baballa mora wa hae ya mo sebeletsang.”Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Motho o itherela tsela ya hae,empa ke Morena ya mo tataisang.Temana ya go latela!