Sohle seo le se etsang, le se etse ka dipelo tsohle tsa lona, jwaloka hoja le se etsetsa Morena, e seng batho. Tsebang hore Morena o tla le putsa ka ho le etsa majalefa a hae. Morena eo le mo sebeletsang ke Kreste.
Ka baka leo, bana beso ba ratehang, le tiye, le se ke la thekesela, le nne le sebeletse Morena ka mesebetsi e mengatangata kamehla, le ntse le tseba hore mofufutso wa lona hase wa lefeela pela Morena.
Monga hae a re ho yena: ‘Ke hantle, mohlanka ya kgabane, ya tshepahalang; o tshepahetse dinthong tse seng kae, ke tla o etsa modisa wa tse ngata. Kena, o thabe le monga hao!’
Eba le lerato, o be le botshepehi, molaleng wa hao o itlame ka tsona; o di ngole tlapeng la pelo ya hao. O tla ratwa ke Modimo le batho, o iketsetse lebitso mahlong a bona.
Empa jwalokaha ho ngotswe, “Tseo leihlo le sa kang la di bona, tsebe e sa kang ya di utlwa, le kelello ya motho e sa kang ya di lekanya, ke tsona tseo Modimo a di lokiseditseng ba mo ratang.”
Ha ho le jwalo, ha o etsetsa mafutsana thuso, o se ke wa ipolela, jwalokaha baikaketsi ba etsa matlung a thapelo le ditseleng tsa motse, hore ba tlotliswe ke batho; kannete ke a le bolella, ba se ba amohetse moputso wa bona.
Le tsamaye ka tsela eo Morena Modimo wa lona, a le laetseng hore le tsamaye ka yona, e le hore le tle le phele, le atlehe, mme le phele halelele naheng eo e tla ba ya lona.
Fanang, mme le tla fuwa: mekotlaneng ya lona le tla tshellwa haholo, e hlohlwe, e hlokohlwe, e sasamale, hobane le tla lekanyetswa ka tekanyo eo le lekanyang ka yona.
Jwale kantle ho tumelo ha ho kamoo motho a ka kgahlisang Modimo kateng. Ya atamelang pela Modimo eka kgona a dumele hore Modimo o teng, le hore ke yena ya putsang ba mmatlang.
Empa wena ha o rapela, kena ka kamoreng ya hao, o kwale monyako, o rapele Ntatao ya leng teng le sephiring, mme Ntatao ya bonang le sephiring o tla o buseletsa.
Pelo e tletse mano ho feta dintho tsohle, e senyehile hoo e ke keng ya phekolwa, ke mang ya ka e utlwisisang? “Ke nna Morena ya lekolang dipelo, mohopolo le wona o lekolwa ke nna. Ke putsa motho ho ya ka diketso tsa hae, ho latela tholwana tsa mesebetsi ya hae.”