- Ntjapedi ha e hlolwe ke sebata,
thapo e kgwele di tharo
e dieha ho kgaoha. - Dintho tsohle
di beetswe dinako tsa tsona,
nako tsa ho etsa tsohle
mona lefatsheng. - Ha e mong a ewa,
e mong o a mo tsosa;
ho madimabe ya wang
ho se na mothusi! - Se ke wa re:
“Ke hobaneng ha tshiu tsa kgale
di bile molemo ho feta tsa kajeno?”
Ho botsa potso ena
ke ho hloka bohlale. - Ya ratang tjhelete
ha e ke be e mo lekane,
ya ratang leruo
kamehla o a le halala;
hona le hona e sa le lefeela. - Ba babedi ba feta ya mong,
moputso wa bona o a hlamatseha. - Jwalokaha tsela ya moya
o sa e tsebe,
kapa popeho ya ngwana
ka popelong,
o ke ke wa tseba
mesebetsi ya Modimo,
e leng yena ya entseng tsohle. - Kahoo fedisa matshwenyeho
a pelo ya hao,
o hlohlolle tsietsi tsa mmele wa hao,
hoba bongwana le botjha
ke mafeelafeelane. - Mohla tsatsi la thabo
nyakalla le wena,
mohla tsatsi la mahlonoko
ako hopole sena:
Matsatsi ana, bobedi,
a entswe ke Modimo;
kahoo tsa kamoso
motho a ke ke a di tseba. - Bohlale bo bongata
bo tlisa mahlomola a mangata,
ya eketsang tsebo
o ikekeletsa maswabi.
Dihlogotaba tša go tswalana
Bophelo
Morena o tla o...
Mošomo
Sohle seo le se...
Lethabo
Thabang kamehla, se phetseng...
Mahumo a lefase
Ha re a ka...
Dijo
O ile a tima...
Ditswalano
Ntjapedi ha e hlolwe...
Temana ya Bibele ya lehono
Makaqabetsing a kaka ipiletsa ho Morena,
ka llela Modimo wa ka
hore a nthuse;
a utlwa lentswe la ka
a le ka tempeleng ya hae,
sello sa ka sa fihla tsebeng tsa hae.
Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Mora wa ka,boloka taelo tsa ntatao,
o se furalle thuto ya mmao.Temana ya go latela!