DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Phološo (3/4)

  • Ha a se a entswe ya phethehileng, e bile mohlodi wa pholoho e sa feleng ho bohle ba mo mamelang.
  • Ka baka leo, le lahle tsohle tse manyala le bokgopo bo fetisisang, mme ka boikokobetso le amohele lentswe la Modimo le jetsweng ka dipelong tsa lona, le nang le matla a ho le pholosa.
  • Morena ke yena moahlodi wa rona,
    Morena ke yena
    ya re beelang molao,
    Morena ke yena kgosi ya rona,
    Morena ke yena ya tla re pholosa.
  • Molaetsa ona o senola kamoo Modimo a lokafatsang batho kateng; feela ho hlokahala tumelo ho tloha qalong ho isa qetellong, jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Ya lokileng o tla phela ka tumelo.”
  • Jwalokaha ba bangata ba entswe baetsadibe ka ho se mamele ha motho a le mong, ka mokgwa o jwalo ba bangata ba tla etswa ba lokileng ka ho mamela ha motho a le mong.
  • A re pholosa, e seng ka baka la mesebetsi e lokileng eo re e entseng, empa e le ka baka la lereko la hae. A re pholosa ka tlhatsuo ya ho tswalwa botjha, eo Moya o Halalelang o re ntjhafatsang ka yona.
  • Ya dumelang ho Mora o na le bophelo bo sa feleng, empa ya sa mameleng Mora a ke ke a bona bophelo, mme kgalefo ya Modimo e tla ba hodima hae kamehla.
  • Ke hlakotse tshito tsa hao
    jwaloka leru,
    ka hlakola dibe tsa hao
    jwaloka mohodi,
    kgutlela ho nna,
    hobane ke o lopolotse.
  • O re ntshitse matleng a lefifi, a re fetisetsa mmusong wa Mora wa hae ya ratehang, eo ka yena re fumanang topollo le tshwarelo ya dibe.
  • Hobane le Mora Motho ha a a ka a tlela ho sebeletswa, empa ho tla sebeletsa le ho neelana ka bophelo ba hae hore e be topollo ya ba bangata.
  • Hase mang kapa mang ya reng ho nna: ‘Morena, Morena,’ ya tla kena Mmusong wa mahodimo, empa ho tla kena ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong.
  • Ke a tseba:
    Mopholosi wa ka o a phela,
    qetellong o tla ema a mpakele.
  • Metsi ana ke setshwantsho sa kolobetso e re pholosang jwale. Kolobetso hase ho hlatsuwa ditshila tsa mmele, empa ke ho itlama ho Modimo ka letswalo le kgutsitseng. E le pholosa ka tsoho ya Jesu Kreste.
  • Pholoho e tswa ho Morena.
    Tlhohonolofatso ya hao
    e ke e be hodima setjhaba sa hao.
  • Mang le mang ya ratang ho pholosa bophelo ba hae, bo tla mo lahlehela, empa mang le mang ya lahlehelwang ke bophelo ba hae ka baka la ka, le ka baka la molaetsa o molemo, o tla bo pholosa.
  • Ya phahameng, ya hodimodimo,
    yena ya phelang kamehla yohle,
    eo lebitso la hae le halalelang, o re:
    “Ke phela bakeng se phahameng,
    bakeng se halalelang,
    ya robehileng moya,
    ke phela le yena,
    le ya ikokobeditseng
    ke phela le yena,
    ke kgothatsa ya ikokobetsang,
    ke kgothatsa ya robehileng moya.”
  • Jesu a ba tadima, a re ho bona: “Hona ho sita batho, empa Modimo ha a sitwe ke letho.”
  • Empa lona le moloko o kgethehileng, le baprista ba Morena, le mofuta o halalelang, le setjhaba seo a se ruileng. Le kgethetswe ho bolela dintle tsa ya le ntshitseng lefifing, a le bitsetsa leseding la hae le hlollang.
  • A matle hakaakang maoto
    a ba tsamayang hodima dithaba,
    bona ba tlisang molaetsa o molemo,
    ba phatlalatsang taba tsa kgotso
    ba tlisang molaetsa o molemo,
    ba phatlalatsang taba tsa topollo,
    ba reng ho Sione:
    “Modimo wa hao o a busa!”
  • Jwaloka masea a sa tswa hlaha, lakatsang lebese le hlwekileng la lentswe la Modimo, e le hore ka lona le tle le hodisetswe pholohong.
  • Oho, Morena, Modimo wa mabotho,
    ako boele o re tsose,
    o re bontshe sefahleho
    se kganyang kgotso,
    re tle re pholohe.
  • Empa nna ke tla lebella Morena,
    ke lebelle Modimo,
    Mopholosi wa ka;
    Modimo wa ka o tla nkutlwa.
  • A bitsa letshwele le barutuwa ba hae, a re ho bona: “Haeba motho a rata ho ntatela, a itele, a jare sefapano sa hae, mme a ntatele.”
  • Ke yena feela lefika la ka,
    ke yena feela pholoho ya ka;
    ke qhobosheane ya ka,
    nke ke ka sisinyeha.
  • Ako re thuse, Modimo,
    wena mopholosi wa rona,
    bitso la hao le tle le tlotliswe;
    ako re namolele,
    mme o re tshwarele dibe
    ka baka la lebitso la hao.

Ho bokwe Morena
ka matsatsi wohle,
yena ya re pepang,
yena Modimo, mopholosi wa rona.
Bala tše dingwe...

Temana ya Bibele ya lehono

Mora wa ka,
mamela mantswe ana a ka,
o sekehele polelo tsa ka tsebe.
Polelo tsa ka o se di lebale,
o di boloke ka pelong ya hao.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Qetellong, bana beso, tsohle tseo e leng nnete, tsohle tse hlomphehang, tsohle tse lokileng, tsohle tse hlwekileng, tsohle tse ratehang, tsohle tse babatsehang, leha e le eng le eng e kgabane le e rorisehang, tsena le di nahane.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela