- Morena o molemo, ke setshabelo;
ke setshabelo
mohla tsatsi la ditlokotsi,
ba mo tshepang o a ba sireletsa. - Morena o tla nne a ntopolle mesebetsing yohle e kgopo, a mpholose, a nkise Mmusong wa hae wa lehodimo. Tlotla e ke e be ho yena kamehla le mehla. A ho be jwalo!
- Ithuteng ho etsa tse lokileng,
le ipatlele le yona toka,
kgalemelang mohatelli,
le ahlolele kgutsana hantle,
nyewe ya mohlolohadi
le yona le e emele. - Morena o lopolla bophelo
ba bahlanka ba hae;
ho ba tshabelang ho yena,
ha ho le ya mong ya tla ahlolwa. - Ke yena feela lefika la ka,
ke yena feela pholoho ya ka;
ke qhobosheane ya ka,
nke ke ka sisinyeha. - Tsela tsa Modimo di phethehile,
tshepiso tsa Modimo ke tsa nnete,
yena ke thebe ya bohle
ba tshabelang ho yena. - O baballa ba lokileng
tseleng tsa bona,
batshepuwa ba hae a ba sireletse. - Ya sedi o elellwa kotsi,
a batle setshabelo,
empa ya se nang tsebo
o tlatselaka feela,
a wele kotsing. - Ha ba ka ke ba hlola ba lapa
kapa ba nyorwa;
ha ba sa tla tjheswa ke letsatsi,
kapa lebatama lefe kapa lefe,
hobane Konyana
e bohareng ba terone
e tla ba disa,
e ba ise didibeng
tsa metsi a bophelo.
Modimo o tla hlakola
meokgo yohle mahlong a bona. - Morena, o se ke wa ntima
lerato la hao,
mohau wa hao le nnete ya hao
di nne di mpoloke ka mehla yohle. - Ka baka leo, nkang dihlomo tsohle tsa Modimo, e le hore, mohla ho leng hobe, le tle le tsebe ho ema senna ho isa qetellong.
- Morena e ke e be qhobosheane
ya ba hatellwang,
qhobosheane
nakong ya matshwenyeho. - Ha motho a heletsa tempele ya Modimo, Modimo o tla mo timetsa, hobane tempele ya Modimo e a halalela, mme tempele eo ke lona.
- O hlokomela metsamao
ya ba lokileng,
ke thebe ho ba hlokang kodi. - O re phemise ho kena molekong,
o mpe o re lopolle bobeng,
hobane Mmuso ke wa hao,
le matla, le tlotla,
kamehla le mehla. Amen. - Ha le thabele bokgopo, empa le thabela nnete. Le iphapanyetsa tsohle, le dumela tsohle, le tshepa tsohle, le mamella tsohle.
- Ke yena feela lefika la ka
le pholoho ya ka;
ke qhobosheane ya ka,
nke ke ka sisinyeha. - Morena a re ho Satane: “Ho lokile; tsohle tseo a di ruileng di matsohong a hao; feela yena o se ke wa mo ama ka letsoho la hao.” Yaba Satane o tloha kapele ho Morena.
- Morena o sireletsa bajaki,
o thusa kgutsana le mohlolohadi,
athe merero ya ba kgopo
o a e nyopisa. - Ke wena Morena,
ya hlohonolofatsang ya lokileng,
o mo sireletsa ka mohau wa hao
jwalokaha eka ke thebe. - Morena, ke wena lebone la ka,
Modimo wa ka o bonesa lefifi la ka. - Lona ba ikokobetsang ba lefatshe,
lona ba mamelang taelo ya Morena,
batlang Morena, le mmatlisise.
Batlang ho loka,
le batle boikokobetso;
mohlomong le ka sireletseha
mohla tsatsi la kgalefo ya Morena.
Dihlogotaba tša go tswalana
Polokego
Empa Morena o a...
Potego
Empa Morena o a...
Mpe
O se ke wa...
Tshepo
Tshepa Morena ka pelo...
Boloki
Ya thahasellang ho loka...
Lentšu la Modimo
Lentswe la Modimo le...
Temana ya Bibele ya lehono
Ho etsa ho lokilengle ho phetha toka
ho amoheleha ho Morena
ho feta sehlabelo.