DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Boloka (May 2023)

Wednesday, May 31, 2023

Le se ke la ikamahanya le mesebetsi e nyopang ya lefifi, le mpe le e nyatse.
Tseo ba di etsang sephiring, le ho di bolela ho dihlong.

Tuesday, May 30, 2023

Morena, o ntlhahlobile, o a ntseba.
O tseba ha ke dula le ha ke ema,
o hlalohanya mehopolo ya ka,
o e hlalohanya ke sa le hole.

Monday, May 29, 2023

Le hoja re le batho, ha re lwanele tsa botho.

Sunday, May 28, 2023

Ba bona ho hlaha maleme a kang malakabe; a arohana, a dula ka bonngwe hodima e mong le e mong wa bona. Bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba qala ho bua ka dipuo disele, kamoo Moya o neng o ba buisa kateng.

Saturday, May 27, 2023

Ho fihlela Moya o tswang hodimo
o theolelwa hodima rona,
lehwatata
le fetoha kgwiti ya masimo,
kgwiti eo e tshwana
le moru o teteaneng.

Friday, May 26, 2023

Ke tla kopa Ntate, mme o tla le nea Mothusi e mong, hore a be le lona ka ho sa feleng.

Thursday, May 25, 2023

Ha ho le jwalo, bolayang ditakatso tsa lona tsa lefatshe, e leng bohlola, tse ditshila, ditakatso tse mpe, tsa bokgopo, le meharo, hobane meharo ke ho sebeletsa modimo wa bohata.

Wednesday, May 24, 2023

A re hlahlobeng tsela tsa rona,
re di lekole,
ebe re boela re kgutlela ho Morena.

Tuesday, May 23, 2023

Modimo wa ka o tla le sitsa ka tsohle tseo le di hlokang, ho ya ka bongata ba maruo a hae, ka Kreste Jesu.

Monday, May 22, 2023

Ha ho le jwalo, a re leboheng Modimo ya re neileng ho hlola ka Morena wa rona Jesu Kreste.

Sunday, May 21, 2023

Bokang Morena,
le rapele lebitso la hae,
le tumise diketso tsa hae,
le di tumise hara ditjhaba.

Saturday, May 20, 2023

Ke tla bonahatsa jwalo boholo ba ka le kgalalelo ya ka, ke itsebise ditjhaba tse ngata moo di ntseng di bona. Kahoo di tla tseba hore ke nna Morena.

Friday, May 19, 2023

Empa le tla amohela matla ha Moya o Halalelang o se o theohetse hodima lona. Le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, le Judea yohle, le Samaria, le ho ya fihla dipheletsong tsa lefatshe.

Thursday, May 18, 2023

Ya pakang tsena o re: “E, ke tla tla kapele.”
A ho be jwalo! Tloo, Morena Jesu.

Wednesday, May 17, 2023

Na ha le tsebe hore le tempele ya Modimo, le hore Moya wa Modimo o ahile ka ho lona?

Tuesday, May 16, 2023

Jwale? Na re tla etsa sebe, kahobane re se tlasa Molao, re mpa re le tlasa mohau? Le kgale!

Monday, May 15, 2023

Ho bokwe Morena
ka matsatsi wohle,
yena ya re pepang,
yena Modimo, mopholosi wa rona.

Sunday, May 14, 2023

E mong o hopola hore letsatsi le leng ke la bohlokwa ho feta le leng; e mong o hopola hore matsatsi wohle a a tshwana. Tabataba ke hore e mong le e mong a kgodisehe ka ho tlala hore o nepile.

Saturday, May 13, 2023

Le se ke la itshwenya ka bophelo ba lona, hore na le tla jang, leha e le ka mmele ya lona, hore na le tla aparang, hobane bophelo bo feta dijo, le mmele o feta diaparo.

Friday, May 12, 2023

Morena o hloile motho
ya buang leshano,
empa ya buang nnete
yena o a mo thabisa.

Thursday, May 11, 2023

Le phele ka bolokolohi; feela le se ke la bo sebedisa e le lesira le patang bobe, le mpe le phele le le bahlanka ba Modimo.

Wednesday, May 10, 2023

Leha nka bua dipuo tsa batho le tsa mangeloi, empa ke se na lerato, ke itshwanela feela le tshepe e llang kapa lekapa le etsang mangenengene.

Tuesday, May 9, 2023

Morena o molemo, o lokile;
kahoo o busetsa baetsadibe tseleng.
Ba eisehang o ba tsamaisa ho lokeng,
o ruta ba eisehang tsela ya hae.

Monday, May 8, 2023

Modimo o hlahisitse mohlanka wa hae, a mo roma ho lona pele, ho hlohonolofatsa e mong le e mong wa lona, ha a sokoloha bobeng ba hae.

Sunday, May 7, 2023

Ke a le bolella hore ka baka la moetsadibe a le mong ya bakang, thabo e jwalo e tla ba teng lehodimong, e fetang e bang teng ka baka la ba lokileng ba mashome a robong a metso e robong ba sa hlokeng pako.

Saturday, May 6, 2023

Fana ka tse molemo
ho ba di hlokang,
ha o ena le matla a ho etsa jwalo.

Friday, May 5, 2023

Hobane moo ba babedi kapa ba bararo ba phuthehetseng teng ka lebitso la ka, ke teng hara bona.

Thursday, May 4, 2023

Kreste ya neng a se na sebe, Modimo o ile a mo nka e le moetsadibe ka baka la rona, e le hore ka yena Modimo a re etse ba lokileng.

Wednesday, May 3, 2023

Oho, Modimo, ako nkgauhele
ka mohau wa hao,
ho ya ka boholo ba lerato la hao
ako hlakole melato ya ka.
Ntlhatswisise bokgopo ba ka,
o ntlhwekise sebe sa ka.

Tuesday, May 2, 2023

Itokisetseng tseo le tla di bua,
le kgutlele ho Morena,
le re ho yena:
“Ako re tshwarele
bokgopo bohle ba rona,
mme thapedi ya rona o e amohele.
Bakeng sa ho nyehela
ka mahlabelo a dipohwana,
re tla o boka ka melomo ya rona.”

Monday, May 1, 2023

Jwale he, ha ke le hlatswitse maoto, nna ke le Morena le Moruti, le lona le tshwanetse ho hlatswana maoto.

Temana ya Bibele ya lehono

Modimo ha a a ka a re nea moya wa bokwala, empa o re neile moya wa matla, wa lerato le wa boitshwaro.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Jwale ha le rapela le se ke la ya lolololo jwaloka bahedene, ba hopolang hore ba tla utluwa ka baka la mantswe a bona a mangata.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela