- Morena o lokile
ho tsohle tseo a di etsang,
mesebetsing yohle ya hae
o mohau. - Le dipolelo
tseo ke di buang di jwalo,
di ke ke tsa kgutlela ho nna
di sa sebetsa letho,
empa di tla phethahatsa
seo ke se ratang,
di phethe merero
eo ke di rometseng ho e phetha. - Morena, o se ke wa ntima
lerato la hao,
mohau wa hao le nnete ya hao
di nne di mpoloke ka mehla yohle. - Tsela ya Morena
ke tshabelo sa ba lokileng,
empa ba kgopo bona e a ba timetsa. - Lehodimo le lefatshe di tla fela, empa mantswe a ka a ke ke a fela.
- Hobane mohau wa hao o moholo,
o fihla mahodimong,
le botshepehi ba hao
bo fihla marung. - Ke yena feela lefika la ka,
ke yena feela pholoho ya ka;
ke qhobosheane ya ka,
nke ke ka sisinyeha. - Bonang, kajeno le nna ke ya boyabatho. Botebong ba dipelo tsa lona, le maikutlong a lona, le tseba hantle hore ha ho ntho le e nngwe ya dintho tsohle tse molemo, tseo Morena Modimo wa lona, a le tshepisitseng tsona, e sa kang ya phethahala. Tsohle di phethahetse, ha ho le e nngwe e sa kang ya phethahala.
- Yena ke Lefika,
mosebetsi wa hae o hloka kodi,
ditsela tsohle tsa hae di na le toka;
ke Modimo ya tshepahalang,
ya se nang bokgopo;
o lokile, mme o nepa kamehla. - O rata ho loka le toka;
lefatshe lohle
le tletse mohau wa Morena. - Nnete ke moko wa lentswe la hao,
dikahlolo tsohle tsa hao
ke tse lokileng, ke tsa mehla yohle. - Bona, ya kgopo yena
a ke ke a phela,
athe ya lokileng
o tla phela ka tumelo ya hae. - ‘Kgutlelang ho nna,’ ho rialo Morena wa mabotho, ‘le nna ke tla kgutlela ho lona,’ ho rialo Morena wa mabotho.
- Ruri Morena Modimo
ha a ke a etsa letho
a eso senole morero wa hae,
a o senolela bahlanka ba hae,
bahlanka ba hae, baporofeta. - Modimo hase motho
hoo a ka buang leshano,
hase mora wa motho
hoo a ka inyatsang.
Na seo a se bolelang
a ke ke a se etsa?
Na seo a se buileng
a ke ke a se phetha? - Ha ke na ho le siya le le dikgutsana, ke tla tla ho lona.
- Lentswe lena ke la nnete, le reng:
“Haeba re shwele le yena,
re tla phela le yena.” - Modimo ke mang,
haese Morena?
Lefika ke mang,
haese Modimo wa rona? - Kannete ke a le bolella: ho fihlela lehodimo le lefatshe di fela, ha ho ka ke ha fetoha tlhakunyana e le nngwe leha e le letshwaonyana le le leng Molaong, ho fihlela tsohle di etsahala.
- Pelo tsa lona di ke di swabe,
ho ena le ho hahola
diaparo tsa lona.
Kgutlelang ho Morena,
Morena Modimo wa lona,
hobane o mosa, o mohau,
o dieha ho halefa,
o tletse lerato,
o hauhela ba etsang bokgopo. - Nthute tsela ya hao Morena,
ke tle ke tsamaye nneteng ya hao;
tataisetsa pelo ya ka
tshabong ya lebitso la hao. - O se ke wa bolaya; o se ke wa feba; o se ke wa utswa; o se ke wa etseletsa motho e mong; hlompha ntatao le mmao, mme o rate wa heno jwalokaha o ithata.
- Paki e tshepahalang
ha e ke e thetsa,
empa ya bohata
yona e bua leshano. - Morena Modimo wa rona, a be le rona, jwalokaha a bile le bo-ntata rona; a se ke a re lahla, a re furalla.
- Morena o hloile motho
ya buang leshano,
empa ya buang nnete
yena o a mo thabisa.
Dihlogotaba tša go tswalana
Go ba le tumelo
Ka baka la lerato...
Modimo
Morena Modimo wa hao...
Lentšu la Modimo
Lentswe la Modimo le...
Lerato
Lerato le na le...
Boloki
Ya thahasellang ho loka...
Tšhireletšo
Hlomelang ka dihlomo tsohle...
Temana ya Bibele ya lehono
Ba se nang moneketsela,Modimo o ba fa bodulo,
o boela o busetsa
batshwaruwa boiketlong,
athe bahanyetsi
ba sala mahalaopeng.
Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Ya thahasellang ho loka le leratoo tla fumana bophelo
le toka le tlotla.Temana ya go latela!