- Ha le tshwarela batho diphoso tsa bona, le lona Ntata lona ya mahodimong o tla le tshwarela.
- Morena, hopola lerato
le mohau wa hao,
hobane esale o le teng
ho tloha kgale.
Nteballe dibe le ditlolo
tsa botjha ba ka,
nkgopole ka mohau wa hao. - Ya jalang tshimong ya tsa botho o tla kotula ho bola ho yona, empa ya jalang tshimong ya tsa Moya, o tla kotula bophelo bo sa feleng ho yona.
- Jesu a ba araba, a re: “Kannetenete, ke a le bolella hore e mong le e mong ya etsang sebe ke lekgoba la sebe.”
- Ba laolwang ke botho ba sitwa ho kgahlisa Modimo.
- Moputso wa sebe ke lefu, empa mpho ya mohau, ya Modimo, ke bophelo bo sa feleng ho Kreste Jesu, Morena wa rona.
- Ha le halefile le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le dikella le ntse le halefile. Le se ke la fa Diabolosi monyetla.
- Ka baka leo, bakang, le sokolohe, dibe tsa lona di tle di hlakolwe.
- Motsu wa lefu ke sebe, mme matla a sebe ke Molao.
- Ho lehlohonolo
ya tshwaretsweng tlolo ya hae,
eo sebe sa hae se hlakotsweng. - Bakang, le furalle ditshito tsa lona tsohle; kahoo bokgopo bo ke ke ba le timetsa.
- Jwale re tla reng? Na re tla tswela pele ho etsa sebe hore mohau o tle o ate? Le kgale! Rona ba shweleng ka nqeng ya sebe, re ka nna ra phela ho sona jwang?
- Tsela e teng e bonahalang
e lokile ho monga yona,
empa e qetella ka ho isa lefung. - Le se ke la rata lefatshe le tsa lona. Haeba motho a rata lefatshe, lerato la Ntate ha le yo ka ho yena.
- Ho hopolwa ha mofu ya lokileng
ho lehlohonolo,
empa bitso la ya kgopo
le ke ke la hopolwa. - Itlhatsweng, le itlhwekise,
tlosang ketso tsa lona
tse kgopo mahlong a ka,
le kgaotse ho etsa bokgopo. - “Tloong re lokise ditaba,”
ho rialo Morena.
“Leha dibe tsa lona
di ka ba kgubedu,
di tla sweufala jwaloka lehlwa;
leha di ka ba kgubedu tlere!
di tla sweufala jwaloka boya.” - Re entse sebe, ra etsa tse kgopo le tse mpe. Re o fetohetse, ra kgeloha melao ya hao le ditaelo tsa hao.
- Ha motho a le molato wa e nngwe ya dintho tsena, o tla ipolela sebe sa hae.
- Jwale ke re: Tsamaiswang ke Moya, mme ha le ka ke la phetha ditakatso tsa botho.
- Ha motho a etsa sebe ka ho tlola o mong wa melao ya Morena e se ka morero, o molato, leha a ne a sa tsebe, o tla jara bokgopo ba hae.
- Sebe se ke ke sa ba le matla hodima lona, hobane ha le sa le tlasa Molao, empa le tlasa mohau.
- Ho loka ho atlehisa setjhaba,
empa sebe ke sekgobo ho sona. - Ka ba ka ipolela sebe sa ka ho wena,
ka se ke ka pata molato wa ka;
ka re: “Ke tla ipolela
ditlolo tsa ka ho Morena;”
wena wa ntshwarela molato
wa sebe sa ka. - Moo lefufa le dikgang di leng teng, ho na le meferefere le mesebetsi e kgopo.
Dihlogotaba tša go tswalana
Tshwarelo
Ya lalang diphoso ka...
Molao
Mantswe ana ao ke...
Boloki
Ya thahasellang ho loka...
Tlhwekišo
Ha ho le jwalo...
Tshokologo
Haeba setjhaba sa ka...
Mpe
O se ke wa...
Temana ya Bibele ya lehono
Ha eo a etla, o tla kgodisa lefatshe ka tsa sebe, le ka tsa toka, le ka tsa kahlolo.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Bokang Morena, hobane o molemo,mohau wa hae
ke wa kamehla yohle.Temana ya go latela!