- Jwale, Iseraele, seo Morena Modimo wa hao, a se batlang ho wena ke sefe haese hore o tshabe Morena Modimo wa hao, o tsamaye ditseleng tsa hae tsohle, o mo rate, o sebeletse Morena Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle; o boloke melao ya Morena, le ditaelo tsa hae tseo ke o laelang tsona kajeno, hore o tle o atlehe?
- Leleme le ka phedisa,
hape le ka bolaya,
ba ratang ho hehla
ba tla kotula tholwana tsa hona. - Ho lehlohonolo setjhaba
seo Morena e leng Modimo wa sona,
morabe oo a ikgethetseng wona,
a ikgethela wona ho ba leruo la hae. - Ya shebisisang molao o phethehileng wa tokoloho, ya pheellang ho wona, a sa fetohe moutlwi ya lebalang, empa e le mophethi wa mosebetsi, motho eo o tla fumana lehlohonolo ho seo a se etsang.
- Ho lehlohonolo ba mahlomoleng,
hobane ba tla tshediswa. - Ho ke ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, ya re hlohonolofaditseng ka Kreste ka mahlohonolo wohle a moya, a tswang mahodimong.
- Hlompha ntatao le mmao, e le hore o tle o phele halalele naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona.
- O hlokomela metsamao
ya ba lokileng,
ke thebe ho ba hlokang kodi. - Ako bontshe mohlanka wa hao,
o mmontshe sefahleho,
sefahleho se kganyang kgotso,
o mpholose ka mohau wa hao. - Ke wena Morena,
ya hlohonolofatsang ya lokileng,
o mo sireletsa ka mohau wa hao
jwalokaha eka ke thebe. - Molomong o le mong ho tswa thoriso le thohako. Bana beso, ha ho a lokela ho ba jwalo.
- Mora wa ka, mamela,
o amohele polelo tsa ka,
lemo tsa bophelo ba hao di tle di ate. - Ho hopolwa ha mofu ya lokileng
ho lehlohonolo,
empa bitso la ya kgopo
le ke ke la hopolwa. - “Haeba le sa mmamele, le sa tsotelle ho ntlotlisa,” ho rialo Morena wa mabotho, “ke tla le dihela thohako, ke le amohe mahlohonolo a lona. E, ke se ke le amohile wona, hobane ha le ntsotelle!”
- Jwale Jesu a ba isa kantle ho motse, a ya le bona ho ya fihla Bethania, a phahamisa matsoho, a ba hlohonolofatsa. Eitse ha a ntse a ba hlohonolofatsa, a tloha ho bona, a nyollelwa lehodimong.
- Ho lehlohonolo
ya tshwaretsweng tlolo ya hae,
eo sebe sa hae se hlakotsweng. - Oho, Morena, ako re pholose!
Oho, Morena, ako re atlehise!
Ho bokwe ya tlang
ka bitso la Morena:
Re le hlohonolofatsa
re le ka tlung ya Morena. - Ebe motho e ne e le eng,
hoo o ka mo hopolang?
Ngwana motho e ne e le eng,
hoo o ka mo hlokomelang? - Ha le tsamaya ho ya ka ditaelo tsa ka, le boloka melao ya ka, le e phetha, ke tla le nesetsa pula ka nako ya yona, mme masimo a tla ba le tjhai, le difate tsa naha di behe ditholwana tsa tsona.
- Ho lehlohonolo
eo Modimo a mo tshwayang phoso,
kahoo se nyatse
ha Ya Matla a o kgalema. - Ke tla ngatafatsa ditloholo tsa hao jwaloka dinaledi tsa lehodimo, mme dinaha tsena tsohle ke tla di nea ditloholo tsa hao. Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofala ka ditloholo tsa hao; kaha Aborahama o ile a mmamela, a boloka ditsela tsa ka, le ditaelo tsa ka, le ditemoso tsa ka, le melao ya ka.
- Le lehlohonolo ha batho ba le hloya, le ha ba le tebela, ba le hlapaola, ba kgesa lebitso la lona jwaloka hoja le le lebe, ka baka la Mora Motho.
- Hoba Jobo a rapelle metswalle ya hae, Morena a boela a mo atlehisa. Tsohle tseo a neng a ena le tsona Morena a mmuseletsa tsona habedi.
- Le babelehisi bao Modimo a ba fa bana, kaha ba ne ba tshaba Modimo.
- Jesu a re: “Kannete ke a le bolella, ha ho motho ya tlohetseng ntlo ya hae, le bana babo, le dikgaitsedi, le mmae, le ntatae, le bana, kapa le masimo ka baka laka le la molaetsa o molemo, eo mehleng ya jwale a ke keng a fuwa halekgolo matlo, le bana babo, le dikgaitsedi, le bommae, le bana, le masimo, hammoho le ditlhoriso, a nto amohela bophelo bo sa feleng mehleng e tlang.”
Dihlogotaba tša go tswalana
Molao
Mantswe ana ao ke...
Boikobo
Jesu a mo araba...
Jesu
Jesu a ba tadima...
Kgaugelo
Ka baka leo, a...
Khutšo
Morena a le hlohonolofatse...
Go bolela
Leleme le ka phedisa...
Temana ya Bibele ya lehono
Ke Modimo ofeya tshwanang le wena?
Ya tshwarelang dibe, a leballe ditlolo
tsa masalla a setjhaba sa hae?
Wena o Modimo
ya sa halefeleng ruri,
wena o Modimo
ya thabelang ho hauhela.
Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Boholo, le matla, le tlotlake tsa hao, Morena,
le tlholo, le botlotlehi.
Tsohle tse lehodimong le lefatsheng
ke tsa hao;
mmuso ke wa hao, Morena,
ke wena hlooho,
o phahametse tsohle.Temana ya go latela!