DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

MAREKA 2

MAREKA 2:23-28 - SSO89
  • Ka letsatsi le leng la Sabatha Jesu a feta hara masimo a koro, mme barutuwa ba hae ba qala ho kga matshohlo ha ba ntse ba tsamaya. Bafarisi ba re ho yena: “Bona, ke ka baka lang ha ba etsa se sa dumellwang ka letsatsi la Sabatha?” A re ho bona: “Na ha le eso ka le bala seo Davida a neng a se etse, mmoho le bao a neng a ena le bona, ha ba lapile, mme ba hloka se jewang; kamoo a neng a kene ka Tlung ya Modimo kateng, mehleng ya Moprista e Moholo Abiatare, a ja bohobe bo halalelang e leng boo a neng a sa dumellwa ho bo ja, bo jewa ke baprista feela, a ba a fa le bao a neng a ena le bona?” A re ho bona: “Sabatha se entswe ka baka la motho, e seng motho ka baka la Sabatha. Ka baka leo, Mora Motho ke Morena, esita le wa Sabatha.”

Temana ya Bibele ya lehono

Haeba Moya wa ya tsositseng Jesu bafung o phela ka ho lona, ya tsositseng Kreste bafung o tla phedisa le mmele ya lona e shwang, ka Moya wa hae o phelang ka ho lona.

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Mantswe ana ao ke o laelang wona hona kajeno a be ka pelong ya hao. O a rute bana ba hao ka hloko, o bue ka wona ha o dutse ka tlung ya hao, leha o tsamaya tseleng, leha o paqame, leha o tsoha.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela