DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Puno

  • Ya sitsang mojadi ka peo, le ka bohobe boo a ka bo jang, le lona o tla le sitsa ka peo, a be a e ngatafatse, mme a le atisetse ditholwana tsa ho loka ha lona.
  • Re se kgathale ho etsa tse molemo, hobane re tla kotula ka nako e lokelang, haeba re sa tepelle.
  • Le se ke la ithetsa. Modimo ha a songwe, hobane seo motho a se jalang, ke sona seo a tla se kotula.
  • Tsebang hona: Ya jalang hanyenyane o tla kotula hanyenyane; athe ya jalang haholo o tla kotula haholo.
  • Leha fate sa feiye
    se ke ke sa fupa,
    kapa fate sa morara sa se ke sa beha;
    leha mohlwaare
    o ke ke wa beha ditholwana,
    kapa kotulo ya eba siyo masimong;
    leha masaka a dikgutswane a ka oma,
    kapa masaka a dikgomo
    a mela mohlwa,
    nna ke tla nne ke ithabelle Morena,
    ke nyakallele Modimo,
    Mopholosi wa ka.
  • Tlotla Morena ka maruo a hao,
    le ka lopotsiya tsohle
    tsa dijalo tsa hao.
  • Ha le tsamaya ho ya ka ditaelo tsa ka, le boloka melao ya ka, le e phetha, ke tla le nesetsa pula ka nako ya yona, mme masimo a tla ba le tjhai, le difate tsa naha di behe ditholwana tsa tsona.
  • Ya jalang tshimong ya tsa botho o tla kotula ho bola ho yona, empa ya jalang tshimong ya tsa Moya, o tla kotula bophelo bo sa feleng ho yona.
  • Tadimang dinonyana tse fofang: ha di jale, ha di kotule, ha di bokellele disiung, empa Ntata lona ya mahodimong o a di fepa; ana lona ha le di fete hole ka bohlokwa na?
  • Ditholwana tsa ho loka di jalwa ka kgotso ke ba etsang kgotso.
  • Kgalemelo e nngwe le e nngwe ha e etswa ha e thabise, e bohloko, empa hamorao bao e ba thapisitseng, e ba tlisetsa ditholwana tsa kgotso, tsa ho loka.
  • “Dinthong tsohle tsa lona tlisang karolo e le nngwe ho tse leshome, e le hore dijo di tle di be teng ka Tempeleng ya ka. E, le ke le nteke jwalo,” ho rialo Morena wa mabotho, “le tle le bone hore na nke ke ka le bulela mehlodi ya didiba tsa lehodimo, ka le tshollela mahlohonolo a mangatangata.”
  • Fate tsa morara di se di omeletse,
    fate tsa feiye tsona di ponne,
    fate tsa kgarenate,
    tsa palema le tsa diapole:
    Difate tsohle tsa naha di omeletse.
    Ruri batho ba feletswe ke monyaka.

Temana ya Bibele ya lehono

Ratanang jwaloka bana ba motho, le hlodisane ha le hlomphana.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Ho feta tsohle le ratane ka lerato le mofuthu, hobane lerato le tlosa dibe tse ngata.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela