Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Boloki
- Ya thahasellang ho loka le lerato
o tla fumana bophelo
le toka le tlotla. - Wena motho wa Modimo, baleha tsena, o habe ho loka, borapedi, tumelo, lerato, tiisetso, mosa.
- Modimo o tla putsa e mong le e mong ho ya ka diketso tsa hae.
- Morena o rata ho loka,
mme a ke ke
a furalla batshepuwa ba hae.
Ba kgopo ba tla timella ruri,
ditloholo tsa bona di tla fediswa. - Le se ke la ithetsa. Modimo ha a songwe, hobane seo motho a se jalang, ke sona seo a tla se kotula.
- Motho o bona tsela tsohle tsa hae,
o di bona di nepahetse,
empa Morena ke yena
ya lekolang pelo. - Jwale batlang Mmuso wa Modimo le ho loka ha hae pele, mme tsena tsohle le tla di ekeletswa.
- A ke ke a sisinngwa le ka mohla,
ya lokileng o tla nne a hopolwe,
a hopolwe kamehla yohle. - Morena o beile leihlo la hae
ho ba lokileng,
o sekehetse sello sa bona tsebe. - Ho etsa ho lokileng
le ho phetha toka
ho amoheleha ho Morena
ho feta sehlabelo. - Empa haeba batho ba le hlokofaletsa ho loka ha lona, le lehlohonolo. Le se ke la ba tshaba, mme le se ke la ferekana.
- Re se kgathale ho etsa tse molemo, hobane re tla kotula ka nako e lokelang, haeba re sa tepelle.
- Hlokomelang hore ho se be ya busetsang bobe ka bobe, mme kamehla le pheelle ho etsetsana tse molemo, le ho di etsetsa bohle.
- Kreste ya neng a se na sebe, Modimo o ile a mo nka e le moetsadibe ka baka la rona, e le hore ka yena Modimo a re etse ba lokileng.
- Ipee matsohong a Morena;
o mo tshepe, ho tla sebetsa yena.
O tla etsa
hore ho loka ha hao ho kganye,
ho kganye jwaloka lesedi,
le ditokelo tsa hao
di kganye jwaloka letsatsi,
motsheare o moholo. - Qetellong, bana beso, tsohle tseo e leng nnete, tsohle tse hlomphehang, tsohle tse lokileng, tsohle tse hlwekileng, tsohle tse ratehang, tsohle tse babatsehang, leha e le eng le eng e kgabane le e rorisehang, tsena le di nahane.
- Ditholwana tsa ho loka di jalwa ka kgotso ke ba etsang kgotso.
- Mohau wa Modimo, o pholosang batho bohle, o bonahetse. O re ruta ho tela bokgopo le ditakatso tsa lefatshe, re tle re phele re le sedi, re lokile, re ena le borapedi mehleng ya jwale.
- Ho lehlohonolo motho
ya sa lateleng dikeletso
tsa ba kgopo,
ya sa tsamayeng
tseleng ya baetsadibe,
ya sa duleng mokgatlong wa basomi. - Ho lehlohonolo
ba lapetseng ho loka,
ba ho nyoretsweng,
hobane ba tla kgotsofatswa. - Maruo a fumanweng ka bokgopo
ha a na thuso,
empa toka e lokolla motho lefung. - Motho ya kgopo
o amohela moputso wa bolotsana,
ya jalang ho loka
o kotula moputso wa nnete. - Haeba le etsa hantle ba le etsang hantle, le ka lokelwa ke teboho efe? Esita le baetsadibe ba etsa jwalo.
- “Ha ho na sebetsa se tla o bolaya,
bohle ba o qosang
o tla ba hlola ka nyewe.
Lena ke lona lefa
la bahlanka ba Morena,
ke ho loka hoo ke ba neang hona,”
ho rialo Morena. - Ho abela Morena mpho ka potlako
ke leraba ho motho,
ebe hamorao o ipelaetsa
ka boitlamo ba hae.
Dihlogotaba tša go tswalana
Molao
Mantswe ana ao ke...
Sebe
Kapa na ha le...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Bophelo
Morena o tla o...
Potego
Empa Morena o a...
Kahlolo
Ka baka leo, wena...
Temana ya Bibele ya lehono
Rona re sebetsa mmoho le Modimo; lona le tshimo ya Modimo, le mohaho wa Modimo.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileAndroidWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Leha fate sa feiyese ke ke sa fupa,
kapa fate sa morara sa se ke sa beha;
leha mohlwaare
o ke ke wa beha ditholwana,
kapa kotulo ya eba siyo masimong;
leha masaka a dikgutswane a ka oma,
kapa masaka a dikgomo
a mela mohlwa,
nna ke tla nne ke ithabelle Morena,
ke nyakallele Modimo,
Mopholosi wa ka.Temana ya go latela!
