DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Go hloka bosodi

  • Ke ya metsamao e se nang kodi,
    ya etsang tse lokileng;
    ya buang nnete
    e tswang pelong ya hae,
    ya sa etseletseng ka leleme la hae,
    ya sa etseng mohahabo hampe,
    ya sa tlameletseng wa habo.
  • Bohle re wela diphosong hangata. Haeba e mong a sa fose ka dipuo tsa hae, eo ke motho ya phethehileng, ya tsebang ho itshwara bothong bohle ba hae.
  • Etsang tsohle ntle ho pelaelo kapa ngangisano, e le hore le tle le hloke molato, le se ke la nyatseha, le be bana ba Modimo ba hlokang kodi, hara moloko ona o kgopo, o bolotsana, oo ho wona le kganyang jwaloka dinaledi sebakeng, ka ho o tlisetsa lentswe la bophelo.
  • Hlokomelang hore ho se be ya busetsang bobe ka bobe, mme kamehla le pheelle ho etsetsana tse molemo, le ho di etsetsa bohle.
  • Le se ke la tshwana le ba lefatshe lena, le mpe le fetohe ka ho ntjhafala dikelellong, hore le tle le iphumanele seo thato ya Modimo e leng sona, e leng sohle se molemo, se kgahlehang, se phethehileng.
  • Hodima tsena tsohle, ebang le lerato, e leng lona le tlamahanyang tsohle hore di phethehe.
  • Tsela tsa Modimo di phethehile,
    tshepiso tsa Morena ke tsa nnete;
    yena ke thebe
    ya bohle ba tshabelang ho yena.
  • Ho lehlohonolo
    ba metsamao e se nang kodi,
    ba tsamayang ka Molao wa Morena.
  • Bana beso, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste ke ipiletsa ho lona hore bohle le be ntsweleng, dikarohano di be siyo hara lona, le mpe le utlwane, le be le maikutlo a le mang le kgopolo e le nngwe.
  • Empa Modimo o tseba
    metsamao ya ka;
    ha a nteka ke tla tswa
    ke hlwekile seka kgauta.
    Mehato ya ka
    e hodima mehato ya hae,
    ke tsamaile tseleng ya hae,
    ha ke a e kgeloha.
  • O hlokomela metsamao
    ya ba lokileng,
    ke thebe ho ba hlokang kodi.
  • Borapedi bo hlwekileng, bo se nang sekodi mahlong a Modimo Ntata rona, ke bona: Ho tjhakela dikgutsana le bahlolohadi matshwenyehong a bona, le ho ipoloka re sa silafatswe ke tsa lefatshe.
  • Ho fihlela jwale ha le eso kope letho ka lebitso la ka; kopang, mme le tla fuwa, hore thabo ya lona e be e phethehileng.
  • Tsela tsa Modimo di phethehile,
    tshepiso tsa Modimo ke tsa nnete,
    yena ke thebe ya bohle
    ba tshabelang ho yena.
  • Ke buile ditaba tsena ho lona hore thabo ya ka e be ka ho lona, mme thabo ya lona e be e phethehileng.
  • Neo e nngwe le e nngwe e molemo, le mpho e nngwe le e nngwe e phethehileng, di tswa hodimo, di theoha ho Ramasedi, eo ho yena ho seng phetoho leha e le phifalo.
  • Ha a se a entswe ya phethehileng, e bile mohlodi wa pholoho e sa feleng ho bohle ba mo mamelang.
  • Jesu a araba, a re ho yena: “Haeba o batla ho phetheha, eya, o rekise maruo a hao, o abele mafutsana tjhelete eo, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; jwale o tle, o ntatele.”

Temana ya Bibele ya lehono

O se ke wa re nea tlotla, Morena,
o se ke wa e nea rona,
o mpe o e nee lebitso la hao,
ka baka la mohau wa hao
le botshepehi ba hao.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela