Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Botse
- Rekolohelanang, le hauhelane, le tshwarelane, jwalokaha le Modimo a le tshwaretse ka Kreste.
- Jwale he, ha re sa ntse re ena le sebaka, a re etsetseng bohle molemo, haholoholo ba lelapa la bodumedi.
- Morena o molemo, ke setshabelo;
ke setshabelo
mohla tsatsi la ditlokotsi,
ba mo tshepang o a ba sireletsa. - O se ke wa hlolwa ke bobe, o mpe o hlole bobe ka botle.
- Morena o lokile
ho tsohle tseo a di etsang,
mesebetsing yohle ya hae
o mohau. - Lerato le hloke boikaketsi. Hloyang bobe, kgomarelang botle.
- Ruri Morena o tla ntswela molemo,
a ntswele molemo
lefatsheng la ba phelang. - Empa se bewang ke Moya ke lerato, thabo, kgotso, mamello, mosa, molemo, botshepehi, bonolo le boitshwaro. Tse kang tsena, ha ho molao o ka di thibelang.
- Le re: “Tsohle di dumeletswe,” empa hase ho re tsohle di na le molemo. E, tsohle di dumeletswe, empa hase ho re tsohle di na le thuso.
- Ka baka lena, lekang ka matla ho eketsa tse kgabane tumelong ya lona, le eketse tsebo, ho tse kgabane tsa lona, mme tsebong ya lona le eketse boitshwaro, boitshwarong le eketse mamello, mamellong le eketse borapedi, borapeding le eketse setswalle sa boena, mme setswalleng sa boena le eketse lerato.
- Lebone le lona ha le ke be le hotetswe le kwahelwe ka nkgo, empa le bewa sedulwaneng sa lona, le kgantshetse bohle ba ka tlung. Lesedi la lona le ke le kganyetse batho jwalo, ba tle ba bone mesebetsi e metle ya lona, ba be ba tlotlise Ntata lona ya mahodimong.
- Modimo o na le matla a ho le atisetsa dineo tsohle tsa hae, e le hore, kamehla, le tle le be le ho lekaneng dinthong tsohle, le be le ngatafallwe haholo, hoo le ka tsebang ho etsa mesebetsi yohle e molemo.
- Tshepa Morena, o etse botle,
o tle o iphelele lefatsheng ka kgotso. - Meharo e hlabisa motho dihlong;
ho molemo ho futsaneha
ho ena le ho bua leshano. - Furalla bobe, o etse botle;
batla kgotso, o e pheelle. - Haeba le thahasella nnete, ke mang ya ka le etsang hampe?
- Ebang le kutlwelobohloko, jwalokaha Ntata lona a ena le kutlwelobohloko.
- Mahlapa a se ke a tswa melomong ya lona, ho mpe ho tswe dipolelo tse molemo, tse ka thusang ho matlafatsa ba di utlwang, le ho ba tlisetsa lehlohonolo.
- Morena o bua tjena:
“Emang mateanong a ditsela
le qamake, le botse:
‘Tsela ya kgale, e lokileng, e kae?’
Tsamayang ka yona,
mme le tla fumana phomolo.
Empa lona la re:
‘Ha re ka ke ra e tsamaya!’ ” - Morena, hopola lerato
le mohau wa hao,
hobane esale o le teng
ho tloha kgale.
Nteballe dibe le ditlolo
tsa botjha ba ka,
nkgopole ka mohau wa hao. - Le se ke la ithetsa.
“Ditlwaelano tse mpe
di senya mekgwa e metle.” - O tla utlwisisa ho loka,
ho tshepeha, le ho nepahetseng,
o utlwisise le ditsela tsohle,
tsela tsohle, tse lokileng. - Yena o iteletse rona, hore a tle a re lopolle bokgopong bohle, a itlhwekisetse setjhaba seo e tla ba sa hae, se tjhesehelang mesebetsi e metle.
- Ka mokgwa o jwalo, diaparo tsa basadi e be tse lokelang. Ba ikgabise ka tshwanelo le ka boitlhompho, e seng ka ho fora moriri, kapa ka mekgabiso ya kgauta, kapa ka mabenyane a bohlokwa, kapa ka diaparo tse theko e boima. Ba ikgabise ka diketso tse lokileng, tse tshwanelang basadi ba ipolelang hore ba hlompha Modimo.
- Ditholwana tsa lesedi ke tsohle tse molemo, tse lokileng le tsa nnete.
Dihlogotaba tša go tswalana
Mpe
O se ke wa...
Boloki
Ya thahasellang ho loka...
Moagišane
Ya bobedi ke ena...
Tshepo
Tshepa Morena ka pelo...
Lerato
Lerato le na le...
Sebe
Kapa na ha le...