DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Mahumo a lefase

  • Ha re a ka ra tla le letho lefatsheng, ka mokgwa o jwalo ha re ka ke ra nka letho ho lona ha re tloha. Ha re ena le dijo le diaparo, re di kgotsofalle.
  • Ya ratang tjhelete
    ha e ke be e mo lekane,
    ya ratang leruo
    kamehla o a le halala;
    hona le hona e sa le lefeela.
  • Le se ke la ipokellela matlotlo lefatsheng, moo tshwele le mafoome di senyang, moo mashodu a thuang, a utswe; le mpe le ipokellele matlotlo lehodimong, moo tshwele leha e le mafoome di sa senyeng, moo mashodu a sa thueng, a utswe.
  • Ebe motho a ka boellwa ke eng, haeba a ka rua lefatshe lohle, empa a senyehelwa ke bophelo ba hae?
  • A re ho bona: “Hlokomelang, le pheme meharo yohle, hobane bophelo ba motho ha bo tswe bongateng ba maruo ao a nang le wona.”
  • Bophelo ba lona bo se ke ba buswa ke ho rata tjhelete. Le kgotsofalle seo le nang le sona, hobane Modimo ka boyena o itse:
    “Ha nka ke ka o lahla,
    kapa ka o furalla.”
  • Re habile tse sa bonweng, e seng tse bonwang, hobane tse bonwang ke tsa mehla ya jwale, empa tse sa bonweng ke tsa mehla e sa feleng.
  • Ha e le ba ikemiseditseng ho rua, ba wela lerabeng la moleko, le ditakatsong tse ngata tsa bothoto, tse kotsi, tse tetebeletsang batho tshenyehong le timelong.
  • Sejosenyane se molemo
    ha o tshaba Morena,
    ho ena le maruo
    a o bakelang ditsietsi.
  • Jwalokaha motho eo
    a tswetswe a le feela,
    o tla ya lebitleng
    a ntsa le feela.
    Hara tsohle
    tseo a di sebeditseng,
    a ke ke a nka le e nngwe
    ka letsoho la hae.
  • Hobane moo letlotlo la hao le leng teng, le yona pelo ya hao e tla ba hona teng.
  • Ho fumana bohlale
    ho molemo ho feta kgauta,
    ho fumana kutlwisiso
    ho molemo ho feta silefera.
  • Jesu a araba, a re ho yena: “Haeba o batla ho phetheha, eya, o rekise maruo a hao, o abele mafutsana tjhelete eo, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; jwale o tle, o ntatele.”
  • Ka mokgwa o jwalo, diaparo tsa basadi e be tse lokelang. Ba ikgabise ka tshwanelo le ka boitlhompho, e seng ka ho fora moriri, kapa ka mekgabiso ya kgauta, kapa ka mabenyane a bohlokwa, kapa ka diaparo tse theko e boima. Ba ikgabise ka diketso tse lokileng, tse tshwanelang basadi ba ipolelang hore ba hlompha Modimo.
  • Laela barui ba tsa lefatshe lena hore ba se ke ba ikgohomosa, ba tshepa maruo a felang, ba mpe ba tshepe Modimo ya re fang tsohle ka bongata hore re di thabele.
  • Ha ho le jwalo, bolayang ditakatso tsa lona tsa lefatshe, e leng bohlola, tse ditshila, ditakatso tse mpe, tsa bokgopo, le meharo, hobane meharo ke ho sebeletsa modimo wa bohata.
  • Suthisetsa bolotsana le mashano
    hole le nna,
    o se ke wa nthuisa
    kapa wa mphutsanehisa,
    o mphepe ka dijo tse ntekaneng.
  • Ebe motho a ka boellwa ke eng haeba a ka rua lefatshe lohle, empa a senyehelwa ke bophelo ba hae? Kapa motho a ka rekanya bophelo ba hae ka eng?
  • E, borapedi ke leruo le leholo ho ya kgotsofaletseng seo a nang le sona.
  • Bitso le letle le molemo
    ho feta maruo a mangata,
    ho hlompheha ho molemo
    ho feta silefera kapa kgauta.
  • Se qeta letsatsi se lakatsa,
    se sa fumane,
    empa ya lokileng
    o fana a sa kganane.
  • Kgalefo ya Modimo
    e ke ke ya fediswa,
    ya fediswa ke maruo a motho,
    empa ho loka
    ho lopolla motho lefung.
  • Jwale bongata ba ba dumetseng ba eba pelonngwe le moyamong, mme ha se ke ha eba le ya mong ya reng tseo a nang le tsona ke tsa hae a le inotshi, empa tsohle ba di kopanela.
  • Ha o re maruo hedi!
    o tla bona a sa nyametse,
    hobane a tla fela a mele mapheo,
    a fofele hodimo sa ntsu,
    sa ntsu e le sepakapakeng.
  • Matlotlo a barui
    ke qhobosheane ya bona,
    ba hloma e ka ke marako
    a phahameng, a ba sireletsang.

Ha motho a ena le maruo a lefatshe lena, mme a bona ngwanabo a hloka, empa a mo thatafaletsa pelo ya hae, lerato la Modimo le ka ba teng jwang pelong ya hae?
Bala tše dingwe...

Temana ya Bibele ya lehono

Ratanang jwaloka bana ba motho, le hlodisane ha le hlomphana.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Modimo, ke wena Modimo wa ka,
Modimo eo ke mmatlang,
moya wa ka o o nyoretswe,
mmele wa ka o o hlolohetswe,
jwaloka naha e omeletseng,
e kgathetseng, e hlokang metsi.
Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela