DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Go direla/hlankela

  • Oho, Morena,
    ke wena Modimo wa ka,
    ke tla o tlotla,
    ke rorise lebitso la hao,
    hobane wena o entse dimakatso,
    merero ya hao ya kgale
    e a tshepeha, ke ya nnete.
  • Wena o tla sebeletsa Morena Modimo wa hao; yena o tla hlohonolofatsa bohobe ba hao le metsi ao o a nwang, mme nna ke tla fedisa malwetse hara lona.
  • Tsohle tse phelang
    di ke di rorise Morena.
    Haleluja!
  • Ka seroko, Paulosi le Silase ba rapela, ba tlotlisa Modimo ka difela, mme batshwaruwa ba ba mamela.
  • Modimo ke moya, mme ba mo kgumamelang eka kgona ba mo kgumamele ka moya le ka nnete.
  • Boka Morena, wena moya wa ka;
    botho bohle ba ka
    bo boke bitso la hae le halalelang.
  • Leha fate sa feiye
    se ke ke sa fupa,
    kapa fate sa morara sa se ke sa beha;
    leha mohlwaare
    o ke ke wa beha ditholwana,
    kapa kotulo ya eba siyo masimong;
    leha masaka a dikgutswane a ka oma,
    kapa masaka a dikgomo
    a mela mohlwa,
    nna ke tla nne ke ithabelle Morena,
    ke nyakallele Modimo,
    Mopholosi wa ka.
  • Bokang Morena, hobane o molemo,
    mohau wa hae
    ke wa kamehla yohle.
  • Boholo, le matla, le tlotla
    ke tsa hao, Morena,
    le tlholo, le botlotlehi.
    Tsohle tse lehodimong le lefatsheng
    ke tsa hao;
    mmuso ke wa hao, Morena,
    ke wena hlooho,
    o phahametse tsohle.
  • Modimo, ke wena Modimo wa ka,
    Modimo eo ke mmatlang,
    moya wa ka o o nyoretswe,
    mmele wa ka o o hlolohetswe,
    jwaloka naha e omeletseng,
    e kgathetseng, e hlokang metsi.
  • Molomong wa ka
    ho tletse thoriso ya hao,
    le tlotliso ya hao kamehla.
  • Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, Ntata mehauhelo le Modimo wa matshediso wohle. O re tshedisa matshwenyehong wohle a rona, e le hore le rona re tle re tsebe ho tshedisa bohle ba matshwenyehong, ka matshediso ao le rona re tshediswang ka wona ke Modimo.
  • Ka baka lena o moholo, wena Morena Modimo, hobane ha ho ya kang wena; ebile hape ha ho Modimo e mong ntle ho wena, ho ya ka tsohle tseo re di utlwileng ka ditsebe tsa rona.
  • Tsohle di tswa ho Modimo, di teng ka yena, mme ke tsa hae. Tlotla e ke e iswe ho yena kamehla le mehla. A ho be jwalo!
  • Binelang Modimo,
    rokang lebitso la hae,
    lokisang tsela ya ya kaletseng maru.
    Lebitso la hae ke Morena,
    nyakallang mahlong a hae.
    Modimo ke ntata dikgutsana,
    ke mosireletsi wa bahlolohadi,
    o leahong la hae le halalelang.
  • Tloong,
    a re itiheleng maotong a hae,
    re itihele ka hlompho,
    re weng ka mangwele
    kapele ho Morena,
    Morena, Mmopi wa rona.
  • Mohau wa hao o molemo
    ho feta bophelo,
    molomo wa ka o tla o rorisa.
    Ke tla o boka ha ke ntse ke phela,
    ke phahamise matsoho a ka,
    ke a phahamisetse ho wena.
  • Moya wa ka, o nyahametseng?
    O hloretseng ka sefubeng sa ka?
    Tshepa Modimo.
    Ke sa tla nne ke mmoke,
    yena mopholosi wa ka
    le Modimo wa ka.
  • Ka nako eo le tla ipiletsa ho nna, le nthapele, mme nna ke tla le mamela.
  • Hobane ho ngotswe, ho thwe:
    “Ke hlapanya ka nna,
    ho rialo Morena,
    mangwele wohle
    a tla nkgumamela,
    mme maleme wohle
    a tla tlotlisa Modimo.”
  • Bokang Morena,
    le rapele lebitso la hae,
    le tumise diketso tsa hae,
    le di tumise hara ditjhaba.
  • Ha ho ya halalelang
    jwaloka Morena,
    hobane ha ho e mong
    kantle ho wena,
    ha ho mosireletsi
    ya kang Modimo wa rona.
  • Ke phahamisa matsoho a ka,
    ke a phahamisetsa ho wena,
    moya wa ka o o nyoretswe
    jwaloka lefatshe le omeletseng.
  • Morena ke matla a ka le thebe ya ka;
    pelo ya ka e mo tshepile,
    mme o nthusitse;
    pelo ya ka e nyakaletse,
    ke mmoka ka dipina.
  • Ke re ho Morena:
    “Ke wena Morena wa ka,
    ha ke na lehlohonolo
    ntle ho wena.”

Jwale nna Nebukadenesare, ke rorisa Kgosi ya Lehodimo, ke a e phafa, ke a e tlotlisa, hobane mesebetsi yohle ya yona e nepahetse, le ditsela tsa yona di lokile, mme ba ikgohomosang e a ba kokobetsa.
Bala tše dingwe...