DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Bolwetši

  • Na hara lona ho teng ya kulang? A ke a bitse baholo ba kereke, hore ba tle ba mo tlotse ka ole ba ntse ba mo rapella ka lebitso la Morena. Thapelo e etswang ka tumelo e tla fodisa mobabi, mme o tla tsoswa diphateng ke Morena. Ha a entse dibe, o tla di tshwarelwa.
  • Wena o tla sebeletsa Morena Modimo wa hao; yena o tla hlohonolofatsa bohobe ba hao le metsi ao o a nwang, mme nna ke tla fedisa malwetse hara lona.
  • Motswalle, ke rapela hore o phele hantle, mme o atlehe dinthong tsohle, jwalokaha o atlehile ho tsa moya.
  • O fodisa ba pelo di hlabehileng,
    o tlamella maqeba a bona.
  • Ruri o ipelesitse mahloko a rona,
    malwetse a rona
    le wona a inkela wona,
    empa rona ra hopola
    e le ya otlwang, ya shapuwang,
    le ho hlokofatswa ke Modimo.
  • Pelo e thabileng
    e tseba ho fodisa,
    empa moya o hlorileng
    o tepeletsa mmele.
  • Haeba le hlile le mamela lentswe la Morena Modimo wa lona, mme le etsa ho lokileng mahlong a hae; le sekehela ditaelo tsa hae tsebe, le boloka melao yohle ya hae, nke ke ka le otla ka mafu wohle ao ke ileng ka otla Baegepeta ka wona, hobane ke nna Morena, Mofodisi wa hao.
  • Mphodise, Morena,
    mme ke tla fola,
    mpholose, Morena,
    mme ke tla pholoha,
    hobane ke wena eo ke mo rorisang.
  • Fodisang bakudi, tsosang bafu, hlwekisang balepera, lelekang bademona; le amohetse feela, fanang feela.
  • Motho ka mong a ipolele dibe ho ba bang, mme le rapellane, hore le tle le fole. Thapelo ya motho ya lokileng e matla haholo.
  • Le fodise ba kulang ba ho wona, le re ho bona: ‘Mmuso wa Modimo o se o le fihletse!’
  • Tshepo e sa phethahaleng
    e nyahamisa pelo,
    takatso tse phethahatswang
    di ka fate sa bophelo.
  • Morena o tutubolla mahlo a difofu.
    Morena o phahamisa
    ba kgokgopaneng;
    Morena o rata ba lokileng.
  • Ha ke ne ke sa kgutsitse,
    ke ne ke opelwa ke masapo
    ke ho dumaela letsatsi lohle.
  • O ile a nyediswa,
    a furallwa ke batho,
    ya eba motho wa mahlomola,
    ya tsebang mahloko.
    A tshwana le eo batho
    ba tshabang le ho mo tadima;
    o ile a nyediswa,
    ra se ke ra mo natsa.
  • Ka utlwa lentswe le phahameng, le tswang teroneng, le re: “Bona, leaho la Modimo ke leo hara batho. O tla aha le bona; bona e tla ba setjhaba sa hae, mme Modimo ka sebele a be le bona, e le Modimo wa bona. O tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona, mme lefu ha le sa tla hlola le eba teng, esita le mahlomola, kapa dillo, kapa bohloko, hobane tsa kgale di fetile.”

Temana ya Bibele ya lehono

Ho se be motho, eo ekareng ha a le molekong, a re: “Ke lekwa ke Modimo.” Modimo ha a lekwe ke bobe, mme le yena ha a leke motho le ya mong.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Mokgabo wa lona e se ke ya eba o bonwang, jwaloka meriri e lohilweng, mekgabiso ya kgauta le diaparo tse ntlehadi. Mokgabo wa lona o sa senyeheng o tswe botebong ba dipelo tsa lona, e leng moya wa mosa le kgutso, oo e leng ntho ya bohlokwa ho Modimo.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela