Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Bokoa
- Ka baka leo, ke thabela bofokodi, mahlapa, ditsietsi, ditlhoriso, le mahlomola, ka baka la Kreste, hobane ha ke fokola, eba ke hona ha ke le matla.
- Empa a re ho nna: “Mohau wa ka o o lekane, hobane matla a ka a phethahala ka ba fokolang.” Ha ho le jwalo, ke tla ithorisa ka bofokodi ba ka ka thabo e kgolo, hore matla a Kreste a tle a be ho nna.
- Leha mmele wa ka
le pelo ya ka di ka fela,
Modimo ke lefika la ka
le kabelo ya ka kamehla. - O matlafatsa ba tepeletseng,
ba kgathetseng
o ba tsosa molota. - Ditsietsi tsohle tsa lona le di rolele ho yena, hobane ke yena ya le baballang.
- Tloong ho nna, lona bohle ba kgathetseng, ba imetsweng, mme ke tla le kgatholla.
- Ka mokgwa o jwalo Moya o re thusa bofokoding ba rona, hobane ha re tsebe ho rapela ka mokgwa o tshwanelang, empa Moya ka bowona o re rapella ka mefehelo e ke keng ya bolelwa.
- Nka etsa tsohle ka Kreste ya mmatlafatsang.
- Fadimehang, mme le rapele, hore le se kene molekong; moya o mafolofolo, empa mmele o a fokola.
- Modimo ha a a ka a re nea moya wa bokwala, empa o re neile moya wa matla, wa lerato le wa boitshwaro.
- Moprista wa rona e Moholo hase ya ka sitwang ho re utlwela bohloko mefokolong ya rona, hobane ke ya ileng a lekwa ka ditsela tsohle jwaloka rona, empa a se ke a etsa sebe.
- Pelo e thabileng
e tseba ho fodisa,
empa moya o hlorileng
o tepeletsa mmele. - Eba molomo
wa ba sa tsebeng ho ipuella,
o tseke tokelo
tsa bohle ba saretsweng. - Ahlolelang mofokodi ka toka,
ahlolelang le kgutsana ka toka;
etsetsang mohlophehi toka,
le mohloki le mo etsetse yona. - Bodiba bo arabela bodiba
ka ho hwasa ha diphororo tsa hao,
maqhubu le merallo yohle ya hao
e fetile hodima ka.
Dihlogotaba tša go tswalana
Maatla
O se ke wa...
Mmele
Kapa na ha le...
Lethabo
Thabang kamehla, se phetseng...
Go ikanya
Hoba ke nna Morena...
Setlabelo
A re hlokomelaneng, mme...
Letšhogo
O se ke wa...
Temana ya Bibele ya lehono
Ebang le boitshwaro, le fadimehe. Diabolosi, sera sa lona, o solla jwaloka tau e purumang, a ntse a batla eo a ka mo harolang.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileAndroidWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Ke tla ithoballa ka kgotso,ke kgalehe hanghang,
hobane Morena ke wena feela,
ke wena feela
ya ntshireletsang kahohle.Temana ya go latela!
