Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Go belaela
- Se ngongoreheng ka letho, empa tsohle tseo le di hlokang le di hlahise ho Modimo ka thapelo le kopo e nang le teboho. Kgotso ya Modimo, e fetang kutlwisiso yohle, e tla boloka dipelo tsa lona le mehopolo ya lona ho Kreste Jesu.
- O se ke wa tshaba,
hobane ke na le wena,
o se tsielehe,
hobane ke Modimo wa hao.
Ke tla o matlafatsa,
ke be ke o thuse,
ke o tshehetse
ka tsoho la ka le letona,
ka tsoho le letona
le etsang ho loka. - Ka baka leo, ke re ho lona: Le se ke la itshwenya ka bophelo ba lona, hore na le tla jang, kapa le tla nwang, leha e le ka mmele ya lona, hore na le tla aparang. Ana bophelo ha bo fete dijo, le mmele ha o fete diaparo ka bohlokwa na?
- Ditsietsi tsohle tsa lona le di rolele ho yena, hobane ke yena ya le baballang.
- Ka baka leo, le se ke la itshwenya ka la hosasane, hobane la hosasane le tla itshwenya ka tsa lona; letsatsi ka leng le lekanwa ke bothata ba lona.
- Ha pelo ya ka e touta haholo,
matshediso a hao
a hlabolla moya wa ka. - Pelo tsa lona di se ferekane. Dumelang ho Modimo; le ho nna le dumele.
- Ke le siela kgotso, ke le fa kgotso ya ka; ha ke le fe kamoo lefatshe le fanang kateng. Pelo tsa lona di se ferekane, leha e le ho ba boi.
- Ho feha matshwafo
ho nyahamisa pelo ya motho,
polelo e monate yona e a e thoba. - Morena, o tseba tsohle
tseo ke di lakatsang,
ho fehelwa ha ka
ha ho a pateha ho wena. - Le se ke la itshwenya ka bophelo ba lona, hore na le tla jang, leha e le ka mmele ya lona, hore na le tla aparang, hobane bophelo bo feta dijo, le mmele o feta diaparo.
- Bohlale bo bongata
bo tlisa mahlomola a mangata,
ya eketsang tsebo
o ikekeletsa maswabi. - Modimo o na le matla a ho le atisetsa dineo tsohle tsa hae, e le hore, kamehla, le tle le be le ho lekaneng dinthong tsohle, le be le ngatafallwe haholo, hoo le ka tsebang ho etsa mesebetsi yohle e molemo.
- Kahoo fedisa matshwenyeho
a pelo ya hao,
o hlohlolle tsietsi tsa mmele wa hao,
hoba bongwana le botjha
ke mafeelafeelane. - Ha ba le tshwara, ba neelana ka lona, le se ke la itshwenya e sa le pele hore na le tla reng, le mpe le bolele seo le se newang ka nako eo, hobane hase lona le tla bua, empa ke Moya o Halalelang.
- Peo e jetsweng meutlweng ke ya utlwang lentswe, feela dikgathatso tsa mehla ya jwale le thetso ya maruo di bipetsa lentswe, le nyope.
- Ka utlwa lentswe le phahameng, le tswang teroneng, le re: “Bona, leaho la Modimo ke leo hara batho. O tla aha le bona; bona e tla ba setjhaba sa hae, mme Modimo ka sebele a be le bona, e le Modimo wa bona. O tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona, mme lefu ha le sa tla hlola le eba teng, esita le mahlomola, kapa dillo, kapa bohloko, hobane tsa kgale di fetile.”
- Yaba Jobo o a ema, o hahola seaparo sa hae, o beola hlooho ya hae, o itahlela fatshe ho rapela,
o re:
“Ke tswetswe ke mme ke le feela,
ke tla ya lebitleng
ke ntse ke le feela.
Morena o na fane,
Morena o amohile,
ho ke ho roriswe lebitso la hae.” - Lemohang makgwaba: Ha a jale, ha a kotule, ha a na ntlo ya polokelo, leha e le sesiu, empa Modimo o a a fepa. Lona le feta dinonyana hakaakang!
- Ke a tseba:
Mopholosi wa ka o a phela,
qetellong o tla ema a mpakele. - Ho swaba ka mokgwa oo Modimo a o ratang ho hlahisa pako e se nang boikwahlayo, e isang pholohong; athe ho swaba ka mokgwa oo lefatshe le o ratang ho tlisa lefu.
Dihlogotaba tša go tswalana
Manyami
Ha ba lokileng ba...
Letšhogo
O se ke wa...
Bophelo
Morena o tla o...
Dijo
O ile a tima...
Kgotsofalo
Ke tseba hore na...
Mmele
Kapa na ha le...
Temana ya Bibele ya lehono
Lona bakwenehi, na ha le tsebe hore ho etsa setswalle le lefatshe ke bora ho Modimo? Mang le mang ya ratang ho ba motswalle wa lefatshe o iketsa sera sa Modimo.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Boholo, le matla, le tlotlake tsa hao, Morena,
le tlholo, le botlotlehi.
Tsohle tse lehodimong le lefatsheng
ke tsa hao;
mmuso ke wa hao, Morena,
ke wena hlooho,
o phahametse tsohle.Temana ya go latela!