Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Maphelo
- Wena o tla sebeletsa Morena Modimo wa hao; yena o tla hlohonolofatsa bohobe ba hao le metsi ao o a nwang, mme nna ke tla fedisa malwetse hara lona.
- Motswalle, ke rapela hore o phele hantle, mme o atlehe dinthong tsohle, jwalokaha o atlehile ho tsa moya.
- O fodisa ba pelo di hlabehileng,
o tlamella maqeba a bona. - Pelo e thabileng
e tseba ho fodisa,
empa moya o hlorileng
o tepeletsa mmele. - Kapa na ha le tsebe hore mmele ya lona ke tempele ya Moya o Halalelang o ka ho lona, oo le o filweng ke Modimo? Le hore le ba e mong? Le rekilwe ka theko e phahameng. Ka baka leo, tlotlisang Modimo ka mmele ya lona.
- Fodisang bakudi, tsosang bafu, hlwekisang balepera, lelekang bademona; le amohetse feela, fanang feela.
- Polelo tse monate
di ka mahe a dinotshi,
moyeng di a hlabosa,
di matlafatse mmele. - O se ipone o le bohlale,
tshaba Morena, o sesefe bobe.
O tla phela hantle mmeleng,
masapo a hao a tiye. - Yena ha a utlwa, a re ho bona: “Ba hlokang ngaka ke ba kulang, e seng ba phelang hantle.”
- Kahoo fedisa matshwenyeho
a pelo ya hao,
o hlohlolle tsietsi tsa mmele wa hao,
hoba bongwana le botjha
ke mafeelafeelane. - Kwetliso ya mmele ha e na thuso e kgolo, athe borapedi bo na le thuso dinthong tsohle, bo re tshepisa bophelo ba hona jwale, esita le ba nako e tlang.
- Tshepo e sa phethahaleng
e nyahamisa pelo,
takatso tse phethahatswang
di ka fate sa bophelo.
Dihlogotaba tša go tswalana
Bolwetši
Na hara lona ho...
Mmele
Kapa na ha le...
Pholo
Jesu a re ho...
Pelo
Baballa pelo ya hao...
Tšhegofatšo
Morena a le hlohonolofatse...
Bophelo
Morena o tla o...
Temana ya Bibele ya lehono
Bana beso, ke a le rapela hore le fadimehele ba bakang dikarohano, ba le kgelosang thutong eo le ithutileng yona. Le ba sesefe.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileAndroidWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Leha fate sa feiyese ke ke sa fupa,
kapa fate sa morara sa se ke sa beha;
leha mohlwaare
o ke ke wa beha ditholwana,
kapa kotulo ya eba siyo masimong;
leha masaka a dikgutswane a ka oma,
kapa masaka a dikgomo
a mela mohlwa,
nna ke tla nne ke ithabelle Morena,
ke nyakallele Modimo,
Mopholosi wa ka.Temana ya go latela!
