Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Tlhompho
- Ho tshaba Morena
ke ho hloya bobe,
ke hloile boikgohomoso,
ke hloile le boikakaso,
boitshwaro bo bobe le leshano
le tsona ke di hloile. - Ha ho le jwalo, baratuwa, kaha re etseditswe ditshepiso tse jwalo, a re itlhwekiseng ditshileng tsohle tsa nama le tsa moya, ka ho phethahatsa kgalaletso ya rona, re ntse re tshaba Modimo.
- O se ipone o le bohlale,
tshaba Morena, o sesefe bobe.
O tla phela hantle mmeleng,
masapo a hao a tiye. - Morena o beile leihlo la hae
ho ba mo tshabang,
bona ba tshepileng mohau wa hae. - Jwale, Iseraele, seo Morena Modimo wa hao, a se batlang ho wena ke sefe haese hore o tshabe Morena Modimo wa hao, o tsamaye ditseleng tsa hae tsohle, o mo rate, o sebeletse Morena Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle; o boloke melao ya Morena, le ditaelo tsa hae tseo ke o laelang tsona kajeno, hore o tle o atlehe?
- Boikokobetso le ho tshaba Morena
di tlisa leruo le tlotla le bophelo. - Ho lehlohonolo bohle,
bohle ba tshabang Morena,
ba tsamayang ditseleng tsa hae. - Leredi ke thetsane,
botle ke lefeelafeelane;
mosadi ya tshabang Modimo
ke yena ya tla roriswa. - Ho tshaba Modimo
ke qaleho ya tsebo,
empa dithoto di nyedisa bohlale,
di nyedisa le tayo. - Sejosenyane se molemo
ha o tshaba Morena,
ho ena le maruo
a o bakelang ditsietsi. - Tsohle jwale di utlwahetse,
mme qetello ya taba ke ena:
Tshaba Modimo,
o boloke melao ya hae,
hoba hona
ke tshwanelo yohle ya motho. - Le latele Morena Modimo wa lona, le mo tshabe, le boloke melao ya hae, le mamele lentswe la hae, le mo sebeletse, le mo kgomarele.
- Ha e le lona ba hlomphang lebitso la ka, letsatsi la ho loka le tla le tjhabela ka mahlasedi a lona a fodisang. Lona le tla tswa, le thale jwaloka manamane a buletsweng ka sakeng.
- Le babelehisi bao Modimo a ba fa bana, kaha ba ne ba tshaba Modimo.
- Ho tshaba Morena
ho ruta motho bohlale;
ikokobetse pele, mme o tla tlotlwa. - Haleluja!
Ho lehlohonolo
ya tshabang Morena,
ya thabelang melao ya hae haholo. - Ho tshaba Morena
ke qaleho ya bohlale,
ho tseba Ya Halalelang
ke yona kutlwisiso. - Qaleho ya bohlale
ke ho tshaba Morena,
bohle ba sedi ba phela jwalo.
O lokelwa ke thoriso kamehla. - Oho, e se eka dipelo tsa sona di ka ba tjena kamehla, sa ntshaba, sa boloka melao yohle ya ka, e le hore sona, le bana ba sona, se tle se atlehe kamehla yohle!
- Neang bohle tse ba lokelang: molekgetho, lekgetho; mokgafisi, kgafa; ya lokelwang ke tshabo, tshabo; ya lokelwang ke hlompho, hlompho.
- Ya nyahameng pelo
eka kgona a hauhelwe, ke metswalle,
leha eba a sa tshabe Ya Matla wohle. - Nthute tsela ya hao Morena,
ke tle ke tsamaye nneteng ya hao;
tataisetsa pelo ya ka
tshabong ya lebitso la hao. - Modimo o re hlohonolofaditse,
a tshajwe ke bohle lefatsheng,
ho isa dipheletsong tsa lona. - Le boloke melao ya Morena Modimo wa lona, le tsamaye ditseleng tsa hae, le mo tshabe.
- Kereke ya eba le kgotso Judea yohle, le Galelea, le Samaria; ya bopeha, ya phela ka ho tshaba Morena, mme ya anafala ka kgothatso ya Moya o Halalelang.
Dihlogotaba tša go tswalana
Molao
Mantswe ana ao ke...
Tšhegofatšo
Morena a le hlohonolofatse...
Bohlale
Ke Morena ya fanang...
Go hlankela
Ka baka leo, bana...
Boikobo
Jesu a mo araba...
Go latela
Le tsamaye ka tsela...
Temana ya Bibele ya lehono
Haeba re re re phedisana le yena, empa re phela lefifing, re leshano, mme ha re phethe tsa nnete.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileAndroidWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Mora wa ka,boloka taelo tsa ntatao,
o se furalle thuto ya mmao.Temana ya go latela!
