DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Kereke

  • A re hlokomelaneng, mme re kgothaletsaneng leratong le mesebetsing e metle. Re se ke ra furalla diphutheho tsa rona, jwalokaha ba bang ba tlwaetse. Empa re kgothatsane, haholoholo kaha le a bona hore Letsatsi la Morena le ntse le atamela.
  • Jwalokaha re ena le ditho tse ngata mmeleng o le mong, empa ditho tseo tsohle di sa etse mosebetsi o tshwanang, ka mokgwa o jwalo, leha re le bangata, re mmele o le mong ho Kreste, e mong ke setho sa e mong.
  • Hobane moo ba babedi kapa ba bararo ba phuthehetseng teng ka lebitso la ka, ke teng hara bona.
  • Rona re sebetsa mmoho le Modimo; lona le tshimo ya Modimo, le mohaho wa Modimo.
  • Ka letsatsi le leng le le leng ba ba mmoho ka Tempeleng ba le maikutlo a le mang, ba kena ntlo ka nngwe ba ntse ba ngwatha bohobe; ba ja dijo ka thabo le ka pelo tse tshweu. Ba rorisa Modimo, ba ratwa ke batho bohle, mme ka letsatsi le letsatsi Morena a eketsa phutheho ka ba pholoswang.
  • Na ha le tsebe hore le tempele ya Modimo, le hore Moya wa Modimo o ahile ka ho lona?
  • Jwale le nna ke a o bolella, ke re: ‘O Petrose,’ mme hodima lefika lena ke tla haha kereke ya ka, mme monyako wa Nqalo ya Bafu o ke ke wa e hlola.
  • Ha ho le jwalo, ha le sa le melata kapa bajaki, empa le se le le baahi ba sebele hammoho le bahalaledi, mme le ba lelapa la Modimo. Le hahilwe hodima motheo oo e leng baapostola le baporofeta, oo Kreste Jesu ka sebele e leng lejwe la mantlha la wona.
  • Kgotso ya Kreste e ke e buse dipelo tsa lona. Ke ka kgotso ena Modimo a le bitseditseng ho ba mmele o le mong. Lebohang ke hona.
  • Lentswe la Kreste le ahe ka ho lona ka menono yohle ya lona. Rutanang, mme le eletsane ka bohlale bohle. Ka dipelo tse tletseng teboho, binelang Modimo dipesalema, difela le dipina tse halalelang.
  • Ha motho a heletsa tempele ya Modimo, Modimo o tla mo timetsa, hobane tempele ya Modimo e a halalela, mme tempele eo ke lona.
  • Jwalokaha mmele o le mong o ena le ditho tse ngata, mme ditho tsohle tsa mmele, leha di le ngata, e le tsa mmele o le mong, le yena Kreste o jwalo.
  • Le lona banna, ratang basadi ba lona, jwalokaha le Kreste a ratile kereke, mme a e teletse bophelo ba hae. O ratile ho e halaletsa, ka ho e hlwekisa ka tlhatsuo ya metsi, le ka lentswe.
  • Mangolo wohle a ngotswe ka tshusumetso ya Moya wa Modimo, mme a na le thuso ya ho ruta, ya ho nyatsa, ya ho busetsa batho tseleng ya ho loka le ho ba tsamaisa ho yona, hore motho wa Modimo a tle a phethehe, a kwetlisetswe mesebetsi yohle e lokileng.
  • Yena eo matla a hae, ka ho sebetsa ka ho rona, a ka etsang tse fetang hole tseo re ka di kopang kapa tseo re ka di hopolang, a ke a tlotliswe kerekeng le ho Kreste Jesu, kamehla le mehla, ka mengwaha le mengwaha. A ho be jwalo!
  • Empa ha re bolela nnete ka lerato, re tla hola ka mekgwa yohle, ho ba ba Kreste, eo e leng hlooho.
  • Kereke ya eba le kgotso Judea yohle, le Galelea, le Samaria; ya bopeha, ya phela ka ho tshaba Morena, mme ya anafala ka kgothatso ya Moya o Halalelang.
  • Bana beso, ke a le rapela hore le fadimehele ba bakang dikarohano, ba le kgelosang thutong eo le ithutileng yona. Le ba sesefe.
  • Ha e le lona, baratuwa, ikaheng hodima motheo wa tumelo ya lona, e halalelang haholo, le ntse le rapela ka thuso ya Moya o Halalelang. Ipolokeng leratong la Modimo, le ntse le lebeletse hore mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o le ise bophelong bo sa feleng.
  • Na hara lona ho teng ya kulang? A ke a bitse baholo ba kereke, hore ba tle ba mo tlotse ka ole ba ntse ba mo rapella ka lebitso la Morena. Thapelo e etswang ka tumelo e tla fodisa mobabi, mme o tla tsoswa diphateng ke Morena. Ha a entse dibe, o tla di tshwarelwa.
  • Modimo ya le bitseditseng ho ba le kabelo bophelong ba Mora wa hae, Jesu Kreste, Morena wa rona, o a tshepahala.
  • Ba nna ba tiisetsa thutong ya baapostola, le kopanong ya bodumedi, le ho ngwathweng ha bohobe, le dithapelong.
  • Bohle re kolobeleditswe ho ba mmele o le mong, ka Moya o le mong; leha re ka ba Bajuda kapa Bagerike, makgoba kapa balokolohi, re amohetse Moya o le mong.
  • Lona basadi, ikokobeletseng banna ba lona, jwalokaha le ikokobeletsa Morena, hobane monna ke hlooho ya mosadi, jwalokaha le Kreste e le hlooho ya Kereke. Ke yena mopholosi wa mmele, e leng kereke.
  • Ka baka leo, Petrose a bolokwa tjhakaneng, empa kereke e ne e mo rapella ho Modimo e tiile.

Ba ileng ba dumela molaetsa wa hae, ba kolobetswa, mme ka lona letsatsi leo badumedi ba eketseha ka ba ka bang dikete tse tharo.
Bala tše dingwe...

Temana ya Bibele ya lehono

Ha ho e mong ya pholosang ntle ho yena, hobane ha ho na lebitso le leng lesele tlasa letsatsi, le neilweng batho, leo re tshwanelang ho pholoswa ka lona.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Ipiletse ho nna, mme ke tla o araba, ke o bolelle dintho tse kgolo, tse matla, tseo wena o sa di tsebeng.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela