Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Khutšo
- Morena a le hlohonolofatse,
a le baballe.
Morena a le bontshe
sefahleho sa hae se kganyang kgotso,
a le hauhele.
Morena a le tadime ka lerato,
a le nee kgotso. - Ditaba tsena ke di buile ho lona hore le tle le fumane kgotso ho nna. Le tla ba le matshwenyeho lefatsheng, empa kgothalang, nna ke hlotse lefatshe.
- Se ngongoreheng ka letho, empa tsohle tseo le di hlokang le di hlahise ho Modimo ka thapelo le kopo e nang le teboho. Kgotso ya Modimo, e fetang kutlwisiso yohle, e tla boloka dipelo tsa lona le mehopolo ya lona ho Kreste Jesu.
- Ke le siela kgotso, ke le fa kgotso ya ka; ha ke le fe kamoo lefatshe le fanang kateng. Pelo tsa lona di se ferekane, leha e le ho ba boi.
- Morena wa kgotso ka sebele a ke a le fe kgotso kamehla le ka mekgwa yohle. Morena a ke a be le lona bohle.
- Ho lehlohonolo ba bopang kgotso,
hobane ba tla bitswa
bana ba Modimo. - Ya ratang ho phela,
le ho bona matsatsi a thabo,
a tshware leleme la hae
ho bua tse mpe,
le molomo wa hae
ho bua thetso.
A furalle bobe, a etse botle,
a batle kgotso, a e pheelle. - Ke tla ithoballa ka kgotso,
ke kgalehe hanghang,
hobane Morena ke wena feela,
ke wena feela
ya ntshireletsang kahohle. - O boloka kgotso
ya ba maikutlo a tsitsitseng,
hobane bona ba fela ba o tshepile. - Kgotso ya Kreste e ke e buse dipelo tsa lona. Ke ka kgotso ena Modimo a le bitseditseng ho ba mmele o le mong. Lebohang ke hona.
- Le ke le ekeletswe lereko, le kgotso, le lerato.
- Ha e mong a lla ka e mong le mamellane, mme le tshwarelane jwalokaha le Morena a le tshwaretse.
- Ya nang le mamello
o molemo ho feta ya dikgoka,
ya itshwarang ha a halefile
o feta ya hapang motse. - Furalla bobe, o etse botle;
batla kgotso, o e pheelle. - Ditholwana tsa ho loka di jalwa ka kgotso ke ba etsang kgotso.
- Pheellang ho phela le bohle ka kgotso le ka kgalalelo, hobane ntle ho yona ha ho ya tla bona Morena.
- Le thahaselle ho boloka bonngwe ba Moya ka ho tlamahana ka kgotso.
- Ba ratang Molao wa hao
ba na le kgotso e phethehileng,
ha ho na se ka ba kgopang. - Empa bohlale bo tswang hodimo, pele ho tsohle, bo hlwekile; hape bo na le kgotso le mosa, bo bonolo, bo tletse lereko le ditholwana tse molemo; ha bo na leeme, ha bo iketsise.
- Mme ho thahasella tsa botho ho tlisa lefu, empa ho thahasella tsa Moya ho tlisa bophelo le kgotso.
- Morena a ke a matlafatse
setjhaba sa hae,
Morena a ke a se hlohonolofatse
ka kgotso. - Tseo le ithutileng tsona, la di amohela, la di utlwa, la di bona ho nna, le di phethe, mme Modimo ya re fang kgotso o tla ba le lona.
- Kgaotsang, le tsebe
hore nna ke Modimo,
ke tla okamela ditjhaba,
ke okamele lefatshe. - A matle hakaakang maoto
a ba tsamayang hodima dithaba,
bona ba tlisang molaetsa o molemo,
ba phatlalatsang taba tsa kgotso
ba tlisang molaetsa o molemo,
ba phatlalatsang taba tsa topollo,
ba reng ho Sione:
“Modimo wa hao o a busa!” - Ke tlotla ho kgaohana le diqabang,
sethoto sona ke maratahelele!
Dihlogotaba tša go tswalana
Tšhegofatšo
Morena a le hlohonolofatse...
Bophelo
Morena o tla o...
Lerato
Lerato le na le...
Boloki
Ya thahasellang ho loka...
Jesu
Jesu a ba tadima...
Mpe
O se ke wa...
Temana ya Bibele ya lehono
Binelang Morena,hobane o entse tse tlotlehang,
tsena le di tsebise lefatshe lohle.
Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileAndroidWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Jwalokaha mothoa ipona sefahleho ka metsing,
pelo ya motho
le yona ke seipone sa hae.Temana ya go latela!
