Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Polokego
- Empa Morena o a tshepahala, o tla le matlafatsa, a le sireletse ho E Mobe.
- Morena ke lesedi la ka
le pholoho ya ka;
nka tshaba mang?
Morena ke setshabelo
sa bophelo ba ka;
nka tshoha mang? - Ya phelang tshireletsong
ya Ya Hodimodimo,
ya ahileng moriting
wa Ya Matla wohle,
o re ho Morena:
“O setshabelo sa ka
le qhobosheane ya ka,
Modimo wa ka eo ke mo tshepang.” - Modimo ke setshabelo sa rona
le matla a rona;
ke thuso e teng kamehla,
thuso matshwenyehong. - O setshabelo sa ka,
o tla mphemisa matshwenyeho;
o nteela hare, o a ntopolla. - Ke tla ithoballa ka kgotso,
ke kgalehe hanghang,
hobane Morena ke wena feela,
ke wena feela
ya ntshireletsang kahohle. - Morena o molemo, ke setshabelo;
ke setshabelo
mohla tsatsi la ditlokotsi,
ba mo tshepang o a ba sireletsa. - Rolela morwalo wa hao ho Morena,
mme o tla o jarisa;
a ke ke a tlohella ya lokileng
hore a sisinngwe le ka mohla. - O tla o kwahela ka masiba a hae,
o tshabele tlasa mapheo a hae.
Botshepehi ba hae
ke thebe le thejana. - Ya sedi o elellwa kotsi,
a batle setshabelo,
empa ya se nang tsebo
o tlatselaka feela,
a wele kotsing. - O boloka kgotso
ya ba maikutlo a tsitsitseng,
hobane bona ba fela ba o tshepile. - Motho wa nnete
o tsamaya a sireletsehile,
ya se nang nnete, yena o tla senolwa. - Morena o tla phetha
seo a ntheretseng sona.
Morena, mohau wa hao
ke wa kamehla yohle;
o se lahle
mosebetsi wa diatla tsa hao. - Ha ke rapele hore o ba tlose lefatsheng, empa e le hore o ba sireletse ho E Mobe.
- Ha ho le jwalo, re se ke ra robala jwaloka ba bang bohle, re mpe re fadimehe, mme re be le boitshwaro.
- Ho molemo ho tshabela ho Morena,
ho ena le ho tshepa motho. - Ba kgathetseng ke tla ba kgatholla, ba lapileng ke tla ba fepa.
- Lebitso la Morena ke qhobosheane,
ya lokileng o tshabela teng,
a sireletsehe. - Ke yena feela lefika la ka,
ke yena feela pholoho ya ka;
ke qhobosheane ya ka,
nke ke ka sisinyeha. - Tshepa Morena, o etse botle,
o tle o iphelele lefatsheng ka kgotso. - Leha nka dikanelwa ke mara,
nke ke ka tshoha letho;
esita leha nka futuhelwa,
le teng ke tla nne ke be le tshepo. - Morena e ke e be qhobosheane
ya ba hatellwang,
qhobosheane
nakong ya matshwenyeho. - Ka baka leo, nkang dihlomo tsohle tsa Modimo, e le hore, mohla ho leng hobe, le tle le tsebe ho ema senna ho isa qetellong.
- Ka baka leo, ikokobeletseng Modimo. Lwantshang Diabolosi, mme o tla le baleha.
- Mphodise, Morena,
mme ke tla fola,
mpholose, Morena,
mme ke tla pholoha,
hobane ke wena eo ke mo rorisang.
Dihlogotaba tša go tswalana
Tšhireletšo
Hlomelang ka dihlomo tsohle...
Potego
Empa Morena o a...
Tshepo
Tshepa Morena ka pelo...
Diabolo
Ebang le boitshwaro, le...
Ntoa ea Moea
Kahoo ebang malalaalaotswe, nnete...
Go ba le tumelo
Ka baka la lerato...
Temana ya Bibele ya lehono
Morena Modimo wa ronaa ke a be mosa ho rona,
a atlehise mosebetsi
wa matsoho a rona,
e, a atlehise mosebetsi
wa matsoho a rona.
Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileAndroidWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
O setshabelo sa ka,o tla mphemisa matshwenyeho;
o nteela hare, o a ntopolla.Temana ya go latela!
