Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Ramatla
- Boholo, le matla, le tlotla
ke tsa hao, Morena,
le tlholo, le botlotlehi.
Tsohle tse lehodimong le lefatsheng
ke tsa hao;
mmuso ke wa hao, Morena,
ke wena hlooho,
o phahametse tsohle. - Bona mona, ke nna Morena Modimo wa batho bohle; na ho teng se ka ntshitang?
- “Ke nna Alfa le Omega,” ho rialo Morena Modimo, ya leng teng, ya bileng teng, ya tlang ho tla, ya matla wohle.
- Hobane ha ho letho leha le le leng le ka sitang Modimo.
- Ya phelang tshireletsong
ya Ya Hodimodimo,
ya ahileng moriting
wa Ya Matla wohle,
o re ho Morena:
“O setshabelo sa ka
le qhobosheane ya ka,
Modimo wa ka eo ke mo tshepang.” - Oho, Morena Modimo, o entse lehodimo le lefatshe ka matla a hao a maholo, le ka letsoho la hao le otlolohileng, mme ha ho letho le ka o sitang.
- Morena o moholo,
o lokelwa ke thoriso e kgolo,
boholo ba hae ha bo fihlelwe. - Oho, Morena, Modimo wa mabotho,
ako boele o re tsose,
o re bontshe sefahleho
se kganyang kgotso,
re tle re pholohe. - Maruo le hlompho di tswa ho wena,
tsohle di buswa ke wena;
tsoho la hao le matla, le sefea,
ho phahamisa le ho matlafatsa bohle. - Ke kgodisehile hore leha e le lefu kapa bophelo, leha e le mangeloi, leha e le meya e meng e busang kapa e matla, leha e le tse teng kapa tse tlang ho ba teng, leha e le tse hodimo kapa tse tlase, leha e le sebopuwa sefe kapa sefe, di ke ke tsa re arohanya le lerato la Modimo, leo a re bontshitseng lona ka Kreste Jesu, Morena wa rona.
- Ho Kgosi ya mehla yohle, ho Modimo ya sa shweng, ya sa bonweng, ya inotshi, e be hlompho le tlotla kamehla le mehla. A ho be jwalo!
- Lefatshe ke la Morena
le tsohle tse ho lona,
lefatshe le bohle
ba ahileng ho lona. - Ho tloha tlholehong ya lefatshe, tse sa bonweng tsa hae, ke ho re matla a hae a sa feleng le bomodimo ba hae, haesale di bonwa hantle, mme di utlwisiswa ka tse entsweng ke yena. Kahoo ba hloka boitatolo.
- Ke qetella ka ho re: Imatlafatseng ka matla a maholo a Morena.
- Diphiri di senolwa ke yena,
tse mafifing le tsona o a di tseba,
leaho la lesedi le fumanwa ho yena. - Lona bana ba ka, le ba Modimo, mme le hlotse baporofeta bao, hobane ya nang le lona o moholo ho feta ya nang le lona o moholo ho feta ya nang le ba lefatshe.
- Lentswe le eso be teng lemeng la ka,
o se o le tseba hantle, Morena. - Morena o a futsanehisa,
o bile o a ruisa,
o a kokobetsa,
o bile o a phahamisa. - Ke tla di hlohonolofatsa, ke hlohonolofatse le dibaka tse potapotileng leralla la ka. Ke tla nesa dipula ka nako ya tsona, e be dipula tsa mahlohonolo.
- Abba, Ntate, ha ho letho le ka o sitang: ako tlose senwelo sena pela ka! Empa ho etswe se ratwang ke wena, e seng ke nna!
- Morena a re ho Satane: “Ho lokile; tsohle tseo a di ruileng di matsohong a hao; feela yena o se ke wa mo ama ka letsoho la hao.” Yaba Satane o tloha kapele ho Morena.
Dihlogotaba tša go tswalana
Modimo
Morena Modimo wa hao...
Maatla
O se ke wa...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Lefase
Le se ke la...
Mmušo
Kapa na ha le...
Mehlolo
Jesu a ba tadima...
Temana ya Bibele ya lehono
Ya bonang se ka dipelong, o tseba sepheo sa Moya, hobane Moya o rapella badumedi ho ya ka thato ya Modimo.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Ke tla ithoballa ka kgotso,ke kgalehe hanghang,
hobane Morena ke wena feela,
ke wena feela
ya ntshireletsang kahohle.Temana ya go latela!
