Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Mpe
- O se ke wa hlolwa ke bobe, o mpe o hlole bobe ka botle.
- Morena o tla o sireletsa,
a o sireletse bobeng bohle,
a baballe bophelo ba hao.
Morena o tla o lebela
ha o eya le ha o kgutla,
ho tloha jwale le kamehla yohle. - Hlomelang ka dihlomo tsohle tsa Modimo, hore le tle le tsebe ho qhela maraba a Diabolosi.
- Ha re lwane le motho wa nama le madi, empa re lwana le meya e busang, le e laolang, le e renang hodima lefatshe lena la lefifi, e leng meya e kgopo, e sebakeng.
- Bana beso, ke a le rapela hore le fadimehele ba bakang dikarohano, ba le kgelosang thutong eo le ithutileng yona. Le ba sesefe.
- A re: “Se tswang ka ho motho ke sona se mo silafatsang, hobane ke kahare, dipelong tsa batho, moo ho tswang mehopolo e mebe: bohlola, boshodu, dipolao, le bofebe, meharo, bokgopo, thetso, mekgwa e hlabisang dihlong, mona, ketseletso, boikgantsho, le bothoto. Dintho tsena tsohle tse mpe di tswa kahare, mme di silafatsa motho.”
- Ho tshaba Morena
ke ho hloya bobe,
ke hloile boikgohomoso,
ke hloile le boikakaso,
boitshwaro bo bobe le leshano
le tsona ke di hloile. - Ke nnete, lona le ne le ntheretse bokgopo, empa Modimo o ile a bo fetola molemo, e le hore a tle a etse jwalokaha a entse kajeno, a pholose setjhaba se sengata.
- Hlokomelang hore ho se be ya busetsang bobe ka bobe, mme kamehla le pheelle ho etsetsana tse molemo, le ho di etsetsa bohle.
- Ha le halefile le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le dikella le ntse le halefile. Le se ke la fa Diabolosi monyetla.
- Hlahlobang tsohle, le boloke tse ntle, mme le sesefe bobe ba mofuta ofe kapa ofe.
- O se ipone o le bohlale,
tshaba Morena, o sesefe bobe.
O tla phela hantle mmeleng,
masapo a hao a tiye. - Lerato le hloke boikaketsi. Hloyang bobe, kgomarelang botle.
- Lona ba ratang Morena,
hloyang bokgopo,
o baballa bophelo
ba batshepuwa ba hae,
o ba namolela
matsohong a ba kgopo. - Furalla bobe, o etse botle;
batla kgotso, o e pheelle. - Ha ke rapele hore o ba tlose lefatsheng, empa e le hore o ba sireletse ho E Mobe.
- Lehloyo le fehla moferefere,
athe lerato lona
le iphapanyetsa diphoso tsohle. - Morena o tla nne a ntopolle mesebetsing yohle e kgopo, a mpholose, a nkise Mmusong wa hae wa lehodimo. Tlotla e ke e be ho yena kamehla le mehla. A ho be jwalo!
- Matlafatsa mehato ya ka
ho ya ka tshepiso ya hao,
o se dumelle hore ke buswe ke bobe. - Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Ahlolelanang ka toka, le be mosa, mme le utlwelane bohloko. Le se ke la hatella mohlolohadi, leha e le kgutsana, moditjhaba kapa mofutsana. Motho a se ke a rerela ngwanabo bokgopo.’
- Itlhatsweng, le itlhwekise,
tlosang ketso tsa lona
tse kgopo mahlong a ka,
le kgaotse ho etsa bokgopo. - O re phemise ho kena molekong,
o mpe o re lopolle bobeng,
hobane Mmuso ke wa hao,
le matla, le tlotla,
kamehla le mehla. Amen. - Lesedi le kganya lefifing, empa lefifi ha le a ka la le hlola.
- Sefahleho sa Morena se sosobane,
se sosobanetse ba etsang bobe,
hore a ba hlakole lefatsheng,
ba se hlole ba hopolwa. - Le se ke la ithetsa.
“Ditlwaelano tse mpe
di senya mekgwa e metle.”
Dihlogotaba tša go tswalana
Sebe
Kapa na ha le...
Diabolo
Ebang le boitshwaro, le...
Botse
Rekolohelanang, le hauhelane, le...
Tšhireletšo
Hlomelang ka dihlomo tsohle...
Boloki
Ya thahasellang ho loka...
Medimo e šele
Bana ba ka, itlhokomeleng...
Temana ya Bibele ya lehono
Empa ha re tshepile ho fumana seo re esong ho be le sona, re se lebella ka mamello.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Ke Morena ya fanang ka bohlale,tsebo le kutlwisiso di tswa ho yena.Temana ya go latela!