Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Ditumo
- Jwale ke re: Tsamaiswang ke Moya, mme ha le ka ke la phetha ditakatso tsa botho.
- Ha ho le jwalo, bolayang ditakatso tsa lona tsa lefatshe, e leng bohlola, tse ditshila, ditakatso tse mpe, tsa bokgopo, le meharo, hobane meharo ke ho sebeletsa modimo wa bohata.
- Le a lakatsa, empa ha le fumane. Le a bolaya, le na le mohono, empa ha le atlehe. Le a qabana, le a lwana; ha le fumane letho, hobane ha le kope ho Modimo.
- Lefatshe, mmoho le ditakatso tsa lona, le a fela, empa ya etsang thato ya Ntate o tla phela kamehla yohle.
- Na motho a ka tsamaya
hodima mashala,
ebe maoto a hae wona ha a tjhe? - Empa ka baka la ho tshaba bohlola, monna ka mong a be le mosadi eo e leng wa hae, le mosadi ka mong a be le monna eo e leng wa hae.
- E mong o re: “Ke dumeletswe ka dintho tsohle,” empa hase ho re tsohle di na le molemo. E, ke dumeletswe ka dintho tsohle, empa ha nka ke ka laolwa le ke e le nngwe ya tsona.
- Hobane moo letlotlo la hao le leng teng, le yona pelo ya hao e tla ba hona teng.
- Ke entse tumellano
le mahlo a ka,
hore ha a ka ke
a tjhatjhehela kgarebe. - Ebang le boitshwaro, le fadimehe. Diabolosi, sera sa lona, o solla jwaloka tau e purumang, a ntse a batla eo a ka mo harolang.
- Hobane tsohle tsa lefatshe: ditakatso tsa botho, tse hohelang mahlo, le ho ikgantsha ka maruo, tsena hase tse tswang ho Ntate, empa ke tse tswang ho lefatshe.
- Lona, bana beso, le bitseditswe bolokolohi. Feela ka bolokolohi boo, le se ke la fa tsa botho sebaka, le mpe le sebeletsane ka lerato.
- Bohle ba hlomphe lenyalo, mme dikano tsa lona di bolokwe ka botshepehi. Modimo o tla ahlola dihlola le difebe.
- Ha ho meleko e kileng ya le hlahela, e fetang matla a botho. Modimo o a tshepahala, mme a ke ke a dumela hore le lekwe ho feta matla a lona. Ha le lekwa o tla le fa matla a ho mamella, le monyetla wa hore le tsebe ho hlola.
- Jwalokaha kgama
e labalabela metsi a melatswana,
le wona moya wa ka
o o labalabela jwalo,
o labalabela wena Modimo. - Fadimehang, mme le rapele, hore le se kene molekong; moya o mafolofolo, empa mmele o a fokola.
- Ho se be motho, eo ekareng ha a le molekong, a re: “Ke lekwa ke Modimo.” Modimo ha a lekwe ke bobe, mme le yena ha a leke motho le ya mong.
- Oho, Morena, re o emetse,
re tsamaya tseleng
ya dikahlolo tsa hao;
lebitso la hao le botumo ba hao
ke tsona tseo re di labalabelang. - Ka tsena o re neile dintho tsa bohlokwa, tse kgolo, tseo a neng a re tshepisitse tsona, e le hore ka tsona le tle le be le kabelo bomodimong ba hae, mme le phonyohe bokgopong bo teng lefatsheng, bo bakwang ke ditakatso tse mpe.
- Mohlodi wa bokgopo bohle ke ho rata tjhelete; ka ho e tjhatjhehela, ba bang ba kgelohile tumelo, ba ikapesa ka maswabi a mangata.
- Se qeta letsatsi se lakatsa,
se sa fumane,
empa ya lokileng
o fana a sa kganane. - Ha o re maruo hedi!
o tla bona a sa nyametse,
hobane a tla fela a mele mapheo,
a fofele hodimo sa ntsu,
sa ntsu e le sepakapakeng. - Bana beso, haeba motho a ka wela sebeng ka tsometso, lona ba nang le Moya wa Modimo le mmusetse tseleng ka moya o mosa. Le wena o itlhokomele, esere wa lekwa.
- Jwale re tla reng? Na Molao ke sebe? Le kgale! Leha ho le jwalo, nka be ke sa tsebe sebe hoja e se be ka Molao; le takatso nka be ke sa e tsebe, ha Molao o ne o sa re: “O se ke wa lakatsa.”
- O re phemise ho kena molekong,
o mpe o re lopolle bobeng,
hobane Mmuso ke wa hao,
le matla, le tlotla,
kamehla le mehla. Amen.
Dihlogotaba tša go tswalana
Sebe
Kapa na ha le...
Thobalano
Thato ya Modimo ke...
Moleko
Ha ho meleko e...
Mahumo a lefase
Ha re a ka...
Boineelo
E mong o re...
Tšhelete
Bophelo ba lona bo...
Temana ya Bibele ya lehono
Se qeta letsatsi se lakatsa,se sa fumane,
empa ya lokileng
o fana a sa kganane.