DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Dikgopolo

  • Ntlhahlobe, Modimo,
    o tsebe pelo ya ka;
    o nnonye maikutlo,
    o tsebe mehopolo ya ka;
    o bone hore na ke tseleng e mpe,
    o ntsamaise tseleng
    ya kamehla yohle.
  • A re: “Se tswang ka ho motho ke sona se mo silafatsang, hobane ke kahare, dipelong tsa batho, moo ho tswang mehopolo e mebe: bohlola, boshodu, dipolao, le bofebe, meharo, bokgopo, thetso, mekgwa e hlabisang dihlong, mona, ketseletso, boikgantsho, le bothoto. Dintho tsena tsohle tse mpe di tswa kahare, mme di silafatsa motho.”
  • Bea mesebetsi ya hao
    atleng tsa Morena,
    mme merero ya hao
    e tla phethahala.
  • “Mehopolo ya ka
    hase mehopolo ya lona,
    tsela tsa lona
    hase tsela tsa ka,”
    ho rialo Morena.
  • Baballa pelo ya hao,
    e baballe ho feta tsohle,
    hobane ke yona diba sa bophelo.
  • Le se ke la tshwana le ba lefatshe lena, le mpe le fetohe ka ho ntjhafala dikelellong, hore le tle le iphumanele seo thato ya Modimo e leng sona, e leng sohle se molemo, se kgahlehang, se phethehileng.
  • Qetellong, bana beso, tsohle tseo e leng nnete, tsohle tse hlomphehang, tsohle tse lokileng, tsohle tse hlwekileng, tsohle tse ratehang, tsohle tse babatsehang, leha e le eng le eng e kgabane le e rorisehang, tsena le di nahane.
  • Morena, o ntlhahlobile, o a ntseba.
    O tseba ha ke dula le ha ke ema,
    o hlalohanya mehopolo ya ka,
    o e hlalohanya ke sa le hole.
  • Motho o bona tsela tsohle tsa hae,
    o di bona di nepahetse,
    empa Morena ke yena
    ya lekolang pelo.
  • Lentswe la Modimo le a phela, le a sebetsa. Le bohale ho feta disabole tsohle tse sehang kamahohle. Le phohlotsa ho ya fihla moo bophelo le moya di kopanang teng, manonyeletsong le mokong. Le ahlola mehopolo le merero ya pelo.
  • Qamaka ka hloko
    moo o hatang teng,
    tsela tsohle tsa hao di tle di tsitse.
  • Bana beso, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste ke ipiletsa ho lona hore bohle le be ntsweleng, dikarohano di be siyo hara lona, le mpe le utlwane, le be le maikutlo a le mang le kgopolo e le nngwe.
  • Ana ke mang ya tsebang tse ka pelong ya motho, haese moya wa motho o ka ho yena? Ka mokgwa o jwalo, ha ho le ya mong ya tsebang tsa Modimo, haese Moya wa Modimo feela.
  • Tsela e teng e bonahalang
    e lokile ho monga yona,
    empa e qetella ka ho isa lefung.
  • Ho se be ya ithetsang. Ha e mong hara lona a ikgopola hore o na le bohlale ba lefatshe lena, a ke a fetohe sethoto, e le hore a tle a hlalefe.
  • Ke entse tumellano
    le mahlo a ka,
    hore ha a ka ke
    a tjhatjhehela kgarebe.
  • Ka baka leo, itokisetseng ho sebeletsa, ka ho ba tjhatsi dikelellong, le be le boitshwaro, le ntse le tshepile ka ho tlala ho newa mohau, mohla Jesu Kreste a bonahatswang.
  • Jwale ha le rapela le se ke la ya lolololo jwaloka bahedene, ba hopolang hore ba tla utluwa ka baka la mantswe a bona a mangata.
  • Ka baka leo, ke re ho lona: Le se ke la itshwenya ka bophelo ba lona, hore na le tla jang, kapa le tla nwang, leha e le ka mmele ya lona, hore na le tla aparang. Ana bophelo ha bo fete dijo, le mmele ha o fete diaparo ka bohlokwa na?
  • Ya kgopo
    a furalle ditsela tsa hae,
    molotsana
    a furalle mehopolo ya hae,
    a sokolohele ho Morena wa hae,
    mme Morena o tla mo hauhela;
    a sokolohele ho Modimo wa rona,
    hobane yena o tshwarela haholo.
  • Yena eo matla a hae, ka ho sebetsa ka ho rona, a ka etsang tse fetang hole tseo re ka di kopang kapa tseo re ka di hopolang, a ke a tlotliswe kerekeng le ho Kreste Jesu, kamehla le mehla, ka mengwaha le mengwaha. A ho be jwalo!
  • Ka baka la neo ya mohau eo ke e neilweng, ke bolella e mong le e mong wa lona hore a se ke a ikgopola ho feta tekanyo, a mpe a inahane ka mokgwa o lekaneng, ho ya kamoo Modimo a lekanyeditseng e mong le e mong tumelo ya hae kateng.
  • Le se ke la itshwenya ka bophelo ba lona, hore na le tla jang, leha e le ka mmele ya lona, hore na le tla aparang, hobane bophelo bo feta dijo, le mmele o feta diaparo.
  • Ba laolwang ke botho ba thahasella tsa botho, empa ba laolwang ke Moya ba thahasella tsa Moya.

Temana ya Bibele ya lehono

Jwale kantle ho tumelo ha ho kamoo motho a ka kgahlisang Modimo kateng. Ya atamelang pela Modimo eka kgona a dumele hore Modimo o teng, le hore ke yena ya putsang ba mmatlang.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Mahlo a ka a tadima dithabeng;
ekaba thuso ya ka e tla tswa kae?
Thuso ya ka e tswa ho Morena,
ya entseng mahodimo le lefatshe.
Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela