DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Kahlolo

  • Ka baka leo, wena motho ya ahlolang, leha o ka ba mang kapa mang, o hloka boitatolo, hobane ka ho ahlola ba bang, o a ikahlola, kaha wena ya ahlolang o ntse o etsa tsona tseo.
  • Se ahloleng ba bang, hore Modimo a tle a se ke a le ahlola.
  • Motho o bona tsela tsohle tsa hae,
    o di bona di nepahetse,
    empa Morena ke yena
    ya lekolang pelo.
  • Ha ho le jwalo, re se hlole re ahlolana; le mpe le ikemisetse hore le se ke la kgelosa kapa la dihela ngwanabo lona sebeng.
  • Ke a le bolella, lentswe le leng le le leng la bosawana leo batho ba le buang, ba tla ikarabella hodima lona ka letsatsi la kahlolo.
  • O tadimelang phatsa e ka leihlong la ngwaneno, empa o sa lemohe sekoqo se ka leihlong la hao?
  • Se ahloleng ba bang, mme ha le ka ke la ahlolwa; le se tswe ba bang, mme ha le ka ke la tsuwa. Tshwarelang, mme le tla tshwarelwa.
  • Wena o mang o ahlolang mohlanka eo e seng wa hao? Ho tiisetsa kapa ho wa ha hae, ke taba ya monga hae. O tla fela a tiisetse, hobane Morena o na le matla a ho mo tiisa.
  • “Ha ho na sebetsa se tla o bolaya,
    bohle ba o qosang
    o tla ba hlola ka nyewe.
    Lena ke lona lefa
    la bahlanka ba Morena,
    ke ho loka hoo ke ba neang hona,”
    ho rialo Morena.
  • O mong feela moetsi wa molao le moahlodi: Ke ya nang le matla a ho pholosa le ho timetsa. Ebe wena o mang o ka ahlolang wa heno?
  • Yaba ke bona bafu, ba baholo le ba banyenyane, ba eme kapele ho terone. Ha phetlwa dibuka, ha nto phetlwa buka e nngwe hape, e leng buka ya bophelo, mme bafu ba ahlolwa ho ya ka mesebetsi ya bona, e ngotsweng bukeng eo. Lewatle la hlatsa bafu ba lona, Lefu le Nqalo ya Bafu tsa ntsha bafu ba tsona, mme e mong le e mong a ahlolwa ho ya ka mesebetsi ya hae.
  • Bohle ba sitilweng ba sa tsebe Molao wa Moshe, ba tla timela ba ntse ba sa tsebe Molao oo, empa bohle ba sitilweng ba ntse ba tseba Molao wa Moshe, ba tla ahlolwa ka Molao oo.
  • Modimo ha a a ka a roma Mora wa hae lefatsheng ho ahlola lefatshe, empa e le hore lefatshe le pholoswe ka yena.
  • Jwale ho se be ya ka le ahlolelang tseo le di jang, kapa tseo le di nwang, kapa ho boloka matsatsi a mekete, kapa a ho thwasa ha kgwedi, kapa a Disabatha. Tsena tsohle e ne e le seriti feela sa tse tlang ho tla; hoo e leng ha nnete ke Kreste.
  • Bohle ba hlomphe lenyalo, mme dikano tsa lona di bolokwe ka botshepehi. Modimo o tla ahlola dihlola le difebe.
  • Ya jang tsohle a se ke a nyedisa ya sa jeng tsohle, le ya sa di jeng a se ke a ahlola ya di jang, hobane le yena eo Modimo o mo amohetse.
  • Jwale he, ba leng ho Kreste ha ba sa tla ahlolwa, hobane molao wa Moya o Halalelang o re phedisang ho Kreste Jesu o ntokolotse molaong wa sebe le lefu.
  • Ya dumelang ho yena ha a ahlolwe; athe ya sa dumeleng o se a ahlotswe, kahobane a sa dumele ho Mora wa Modimo ya tswetsweng a inotshi.
  • Empa ke hlokofatsa mmele wa ka, mme ke a o thapisa, esere mohlomong, ha ke se ke phatlalleditse ba bang molaetsa o molemo, yaba nna ke a lahlwa.
  • Moya wa ka o o tsetselela bosiu,
    pelo ya ka le yona
    e o hlolohetswe haholo.
    Ha kahlolo tsa hao
    di phethwa lefatsheng,
    baahi ba lefatshe
    ba tla ithuta ho loka.
  • Moputso wa sebe ke lefu, empa mpho ya mohau, ya Modimo, ke bophelo bo sa feleng ho Kreste Jesu, Morena wa rona.
  • Ho feta tsohle, bana beso, le se ke la hlapanya leha e le ka lehodimo kapa ka lefatshe, leha e le ka mokgwa ofe kapa ofe. Ha le re “e”, le re “e”; ha le re “tjhe”, le re “tjhe”; e le hore le se ke la welwa ke kahlolo.
  • Morena o tseba ho ntsha ba lokileng molekong, empa ba kgopo o ba bolokela kotlo ya mohla letsatsi la kahlolo.
  • Ke lwanetse tsa Modimo senna, ke qetile thota ya peiso, ke bolokile tumelo. Jwale ke se ke beetswe mofapahlooho wa ho loka, oo Morena, moahlodi ya lokileng, a tlang ho mputsa ka wona ka Letsatsi lela; e seng nna feela, empa le bohle ba lebeletseng boiponahatso ba hae.
  • Ya tla dumela, a be a kolobetswe, o tla pholoswa; athe ya sa tlo dumela o tla tsuwa.

Ka baka la hobane ba kgopo ba dieha ho ahlolwa, batho ba ikemiseditse ho etsa bobe ka sebete.
Bala tše dingwe...

Temana ya Bibele ya lehono

Se qeta letsatsi se lakatsa,
se sa fumane,
empa ya lokileng
o fana a sa kganane.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

E mong o re: “Ke dumeletswe ka dintho tsohle,” empa hase ho re tsohle di na le molemo. E, ke dumeletswe ka dintho tsohle, empa ha nka ke ka laolwa le ke e le nngwe ya tsona.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela