DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Boikokobetšo

  • Ka boikokobetso bohle, le bonolo, le boiphapanyo, le ka ho mamellana ka lerato.
  • Le se ke la etsa letho ka kgang kapa ka boithoriso ba lefeela, empa ka boikokobetso e mong le e mong wa lona a nke ba bang ba le baholo ho yena.
  • Boikakaso bo etella dihlong pele,
    boikokobetso bona
    bo tsamaya le bohlale.
  • Ikokobetseng pela Morena, mme o tla le phahamisa.
  • Utlwanang ka ho tlala, le se ke la ikakasa, empa le be metswalle ya ba eisehang. Le se ke la ipona bohlale.
  • Mokgabo wa lona e se ke ya eba o bonwang, jwaloka meriri e lohilweng, mekgabiso ya kgauta le diaparo tse ntlehadi. Mokgabo wa lona o sa senyeheng o tswe botebong ba dipelo tsa lona, e leng moya wa mosa le kgutso, oo e leng ntho ya bohlokwa ho Modimo.
  • Kaha le le bakgethwa ba Modimo, ba halaleditsweng, ba ratwang ke yena, ebang le kutlwelobohloko, le mosa, le boikokobetso, le bonolo, le boiphapanyo.
  • Boikakaso ba motho bo a mo diha,
    empa boikokobetso
    bo mo tlisetsa hlompho.
  • Boikokobetso le ho tshaba Morena
    di tlisa leruo le tlotla le bophelo.
  • Jwale le ikokobetse katlasa letsoho le matla la Modimo, e le hore a tle a le phahamise ka nako e lokelang.
  • Haeba setjhaba sa ka, se bitswang ka nna, se ka ikokobetsa, sa rapela, sa mpatla, mme sa kgutla mekgweng ya sona e kgopo, ke tla utlwa ke le lehodimong, ke se tshwarele sebe sa sona, mme ke ntjhafatse naha ya sona.
  • Itjariseng joko ya ka, le ithute ka nna, kahobane ke mosa, ke na le pelo e ikokobeditseng, mme le tla fumana phomolo. Joko ya ka e bonolo, mme thoto ya ka e bobebe.
  • Ke mang hara lona, ya bohlale, ya nang le tsebo? Ka boitshwaro ba hae bo botle, a ke a bontshe hore mesebetsi ya hae e etswa ka boikokobetso bo dumellanang le bohlale.
  • Boikakaso bo etella timelo pele,
    boikokobetso bona
    bo tla pele ho tlotla.
  • Hoba a dule, a bitsa ba leshome le metso e mmedi, a re ho bona: “Haeba mang kapa mang a rata ho ba wa pele, e be wa ho qetela ho bohle le mosebeletsi wa bohle.”
  • Ke qetella ka ho re lona bohle le be pelonngwe, le utlwelane bohloko, le ratane jwaloka bana ba motho, le be mosa, le ikokobetse.
  • Ba eisehang le ba nyedisehang ho lefatshe, Modimo o ba kgethile: o kgethile tseo e seng letho ho fedisa tse leng teng, e le hore ho se be mang kapa mang ya ka ithorisang pela Modimo.
  • Wena motho,
    o boleletswe se molemo;
    ebe Morena
    o lebeletse eng ho wena?
    Ke ho etsa tse lokileng,
    le ho ba le lerato,
    le ho ikokobeletsa Modimo wa hao.
  • Ha ho le jwalo, ha o etsetsa mafutsana thuso, o se ke wa ipolela, jwalokaha baikaketsi ba etsa matlung a thapelo le ditseleng tsa motse, hore ba tlotliswe ke batho; kannete ke a le bolella, ba se ba amohetse moputso wa bona.
  • Ho tshaba Morena
    ho ruta motho bohlale;
    ikokobetse pele, mme o tla tlotlwa.
  • Morena o molemo, o lokile;
    kahoo o busetsa baetsadibe tseleng.
    Ba eisehang o ba tsamaisa ho lokeng,
    o ruta ba eisehang tsela ya hae.
  • Eka kgona yena a hole, empa nna ke nyenyefale.
  • Lona basadi, ikokobeletseng banna ba lona jwalokaha e le tshwanelo, ka baka la Morena.
    Lona banna, ratang basadi ba lona, mme le se ke la ba hlonamela.
  • A re ho bona: “Mang le mang ya amohelang ngwana enwa lebitsong la ka, o a nkamohela, mme ya nkamohelang o amohela ya nthomileng, hobane ya leng monyenyane hara lona bohle, ke yena e moholo.”
  • Lona, bana beso, le bitseditswe bolokolohi. Feela ka bolokolohi boo, le se ke la fa tsa botho sebaka, le mpe le sebeletsane ka lerato.

Jwale tlotla e be ho Modimo Ntata rona kamehla le mehla. A ho be jwalo!
Bala tše dingwe...

Temana ya Bibele ya lehono

Ho tshaba batho
ke ho itjhehela leraba,
empa ya tshepang Morena
o tla bolokeha.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Ha ho ya nang le lerato le fetang lena, la hore motho a telle metswalle ya hae bophelo ba hae.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela