- Jwale tlotla e be ho Modimo Ntata rona kamehla le mehla. A ho be jwalo!
- Morena o kgahlwa ke setjhaba sa hae,
o tlotlisa bahlophehi
ka ho ba pholosa. - Hobane le Mora Motho ha a a ka a tlela ho sebeletswa, empa ho tla sebeletsa le ho neelana ka bophelo ba hae hore e be topollo ya ba bangata.
- O se ke wa re nea tlotla, Morena,
o se ke wa e nea rona,
o mpe o e nee lebitso la hao,
ka baka la mohau wa hao
le botshepehi ba hao. - Morena o a futsanehisa,
o bile o a ruisa,
o a kokobetsa,
o bile o a phahamisa. - Ho madimabe
ya tsekisanang le Mmopi wa hae,
yena e leng lengetana
hara mangetana!
Na letsopa
le ka re ho sebopi sa lona:
‘O etsang?’
Na mosebetsi wa hao o ka re:
‘Ha o na tsebo’? - Tloong,
a re itiheleng maotong a hae,
re itihele ka hlompho,
re weng ka mangwele
kapele ho Morena,
Morena, Mmopi wa rona. - Jwale nna Nebukadenesare, ke rorisa Kgosi ya Lehodimo, ke a e phafa, ke a e tlotlisa, hobane mesebetsi yohle ya yona e nepahetse, le ditsela tsa yona di lokile, mme ba ikgohomosang e a ba kokobetsa.
- Ha le itima dijo, le se ke la itlhonamisa jwaloka baikaketsi; ba sosobanya difahleho, hore ba bonahale ho batho hore ba itima dijo. Kannete ke a le bolella, ba se ba amohetse moputso wa bona.
- Empa ha ho na ho ba jwalo ho lona; ya batlang ho ba e moholo hara lona; e tla ba mosebeletsi wa lona, mme ya batlang ho ba wa pele hara lona, e tla ba mohlanka wa lona.
- Jwale he, ha ke le hlatswitse maoto, nna ke le Morena le Moruti, le lona le tshwanetse ho hlatswana maoto.
- Hobane ho ngotswe, ho thwe:
“Ke hlapanya ka nna,
ho rialo Morena,
mangwele wohle
a tla nkgumamela,
mme maleme wohle
a tla tlotlisa Modimo.” - Ngwanabo rona ya eisehang a be motlotlo ha a phahamisetswa bodumeding. Ya ruileng le yena a be motlotlo ha a eiswa ka ho ba modumedi, hobane o tla fela jwaloka palesa ya jwang.
- Yena eo matla a hae, ka ho sebetsa ka ho rona, a ka etsang tse fetang hole tseo re ka di kopang kapa tseo re ka di hopolang, a ke a tlotliswe kerekeng le ho Kreste Jesu, kamehla le mehla, ka mengwaha le mengwaha. A ho be jwalo!
- Ebe motho e ne e le eng,
hoo o ka mo hopolang?
Ngwana motho e ne e le eng,
hoo o ka mo hlokomelang? - Morena, ako utlwe thapelo ya ka,
o sekehele thapedi ya ka tsebe,
o se hane ho mamela sello sa ka.
Ke mojaki naheng ya hao,
ke mofeti jwaloka bo-ntate. - Ha ho le jwalo, lona rapelang tjena:
“Ntata rona ya mahodimong,
lebitso la hao le halaletswe;
Mmuso wa hao o tle;
thato ya hao e etswe lefatsheng
jwaloka lehodimong.” - Wena Moradi wa Sione
nyakalla haholo!
Wena Moradi wa Jerusalema
etsa ditlatse!
Bona! Kgosi ya hao e tla ho wena;
e lokile, e tlisa topollo,
e ikokobeditse, e palame tonki,
e palame petsana ya tonki. - Lona ba ikokobetsang ba lefatshe,
lona ba mamelang taelo ya Morena,
batlang Morena, le mmatlisise.
Batlang ho loka,
le batle boikokobetso;
mohlomong le ka sireletseha
mohla tsatsi la kgalefo ya Morena. - Kannetenete, ke a le bolella, mohlanka ha a moholo ho monga hae, le moromuwa ha a moholo ho ya mo romileng.
- Ho lehlohonolo
ba futsanehileng moyeng,
hobane Mmuso wa mahodimo
ke wa bona. - Empa molekgetho a ema hojana, a tshaba le ho tadima lehodimong, a itshwabela, a re: ‘Modimo, ako nkgauhele, nna moetsadibe.’
Dihlogotaba tša go tswalana
Boikgokgomošo
Boikakaso bo etella dihlong...
Jesu
Jesu a ba tadima...
Go hlankela
Ka baka leo, bana...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Moputso
Sohle seo le se...
Boloki
Ya thahasellang ho loka...
Temana ya Bibele ya lehono
Lona, bana beso, le bitseditswe bolokolohi. Feela ka bolokolohi boo, le se ke la fa tsa botho sebaka, le mpe le sebeletsane ka lerato.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
O matlafatsa ba tepeletseng,ba kgathetseng
o ba tsosa molota.Temana ya go latela!