DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Bokgoba

  • Kreste o re lokolotse, hore re fele re be le bolokolohi. Tiisetsang ke hona, mme le se ke la dumela ho boela le jariswa joko ya bokgoba.
  • Jesu a ba araba, a re: “Kannetenete, ke a le bolella hore e mong le e mong ya etsang sebe ke lekgoba la sebe.”
  • Moya oo le o amohetseng hase moya wa bokgoba o boelang o le tshabisa, empa ke moya o le etsang bana ba Modimo, oo re howang ka wona, re re: “Abba!” ke ho re: “Ntate!”
  • Hopola hore le ne le le bahlanka naheng ya Egepeta. Morena Modimo wa lona, o ile a le ntsha moo ka matla, le ka letsoho la hae le otlolohileng. Ka lebaka lena, Morena Modimo wa lona, o le laetse ho boloka letsatsi la Sabatha.
  • Makgoba a ikokobeletse beng ba wona dinthong tsohle, a ba kgotsofatse kahohlehohle, a se ke a arabisana le bona, a se ke a ba utswetsa. Empa a bontshe hore a tshepahala kannete, kamehla, hore a tle a etse hore thuto ya Modimo, Mopholosi wa rona, e kgahlehe dinthong tsohle.
  • Jwale ha Mora a le lokolla, le tla be le lokolohile ka sebele.
  • Barui ba laola mafutsana;
    moadimuwa o fetoha
    kgoba la moadimi.
  • Empa kajeno le lokolotswe sebeng, le entswe makgoba a Modimo, le kotula tse le halaletsang, mme qetello ya tsona ke bophelo bo sa feleng.
  • Le phele ka bolokolohi; feela le se ke la bo sebedisa e le lesira le patang bobe, le mpe le phele le le bahlanka ba Modimo.
  • Mokgwa wa ho itima dijo
    oo ke o kgethileng ke ona:
    Ke hore o lokolle
    mahlaahlela a bokgopo,
    o imolle ba imetsweng
    ke mejaro ya bona,
    ba hateletsweng o ba lokolle,
    mesebetsi yohle ya botlatlapi
    o e fedise.
  • Empa ha ho na ho ba jwalo ho lona; ya batlang ho ba e moholo hara lona; e tla ba mosebeletsi wa lona, mme ya batlang ho ba wa pele hara lona, e tla ba mohlanka wa lona.
  • Moya wa Morena o hodima ka
    hobane a ntlotseditse
    ho bolella mafutsana
    molaetsa o molemo,
    o nthometse
    ho phatlalletsa bathopuwa
    tsa tokoloho,
    le difofu hore di tla tutuboloha,
    le ho lokolla ba hateletsweng.
  • Ha re se re entswe ntho e le nngwe le Kreste ka lefu le tshwanang le la hae, re tla ba jwalo le ka tsoho e tshwanang le ya hae. Re a tseba hore botho ba rona ba kgale bo thakgisitswe le yena, hore boleng ba rona bo buswang ke sebe bo timetswe, re tle re se hlole re eba makgoba a sebe.
  • Jwale ha ho sa le Mojuda kapa moditjhaba, ha ho sa le lekgoba kapa molokollwa, ha ho sa le monna kapa mosadi, hobane lona bohle le ntho e le nngwe ho Kreste Jesu.
  • Ya sebetsang ka thata
    ke yena ya tla busa,
    empa sekgoba sona
    se tla fetoha lekgoba.
  • Bohle re kolobeleditswe ho ba mmele o le mong, ka Moya o le mong; leha re ka ba Bajuda kapa Bagerike, makgoba kapa balokolohi, re amohetse Moya o le mong.
  • Kannetenete, ke a le bolella, mohlanka ha a moholo ho monga hae, le moromuwa ha a moholo ho ya mo romileng.
  • Feela ho ke ho tsejwe hore molao ha o a etsetswa ba lokileng, empa o etseditswe ba sa lokang le ditlokotsebe, ba kgopo le baetsadibe, ba sa halaleleng le ba sebeletsang lefatshe, ba bolayang bo-ntata bona le bo-mma bona, ba bolayang batho, dihlola, ba janang maotwana, ba rekisang makgoba, ba leshano, ba ikanang ka leshano, le bohle ba etsang eng kapa eng e fapaneng le thuto ya nnete. Thuto ena ke e dumellanang le molaetsa o molemo oo ke o tshepetsweng, o tswang ho Modimo ya tlotlehang, ya lehlohonolo.

Temana ya Bibele ya lehono

Se qeta letsatsi se lakatsa,
se sa fumane,
empa ya lokileng
o fana a sa kganane.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela