DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Letšhogo

  • O se ke wa tshaba,
    hobane ke na le wena,
    o se tsielehe,
    hobane ke Modimo wa hao.
    Ke tla o matlafatsa,
    ke be ke o thuse,
    ke o tshehetse
    ka tsoho la ka le letona,
    ka tsoho le letona
    le etsang ho loka.
  • Wena Ya Hodimodimo,
    mohla ke tshohileng,
    ke tla tshepa wena.
  • Ke se ke o laetse: Tsoha molota, o be sebete! O se ke wa tshaba, kapa wa nyahama pelo, hobane Morena Modimo wa hao, o na le wena hohle moo o yang teng.
  • Se ngongoreheng ka letho, empa tsohle tseo le di hlokang le di hlahise ho Modimo ka thapelo le kopo e nang le teboho. Kgotso ya Modimo, e fetang kutlwisiso yohle, e tla boloka dipelo tsa lona le mehopolo ya lona ho Kreste Jesu.
  • Hoba ke nna Morena,
    Morena Modimo wa hao,
    ya utlang tsoho la hao le letona,
    ya reng: ‘Se tshabe,
    nna ke tla o thusa.’
  • Morena o na le nna,
    ha ke tshabe letho;
    motho a ka nketsang?
  • Tshabo ha e yo leratong, empa lerato le phethehileng le qhala tshabo, hobane tshabo e tsamaya le kotlo. Ya nang le tshabo ha a a phetheha leratong.
  • Ditsietsi tsohle tsa lona le di rolele ho yena, hobane ke yena ya le baballang.
  • Leha nka tsamaya kgohlong e lefifi,
    nke ke ka tshaba bobe,
    hobane o na le nna,
    lere la hao le molamu wa hao
    di a nkgothatsa.
  • Modimo ha a a ka a re nea moya wa bokwala, empa o re neile moya wa matla, wa lerato le wa boitshwaro.
  • Tsohang molota, le be sebete; le se ke la di tshaba kapa la di tshoha, hobane Morena Modimo wa lona, ke yena ya tsamayang le lona. A ke ke a le lahla kapa a le furalla.
  • Ho tshaba batho
    ke ho itjhehela leraba,
    empa ya tshepang Morena
    o tla bolokeha.
  • Morena ke lesedi la ka
    le pholoho ya ka;
    nka tshaba mang?
    Morena ke setshabelo
    sa bophelo ba ka;
    nka tshoha mang?
  • Ke ile ka batla Morena,
    mme a nkaraba,
    a ntopolla matswalong wohle a ka.
  • Ke Morena ya tla o etella pele. O tla ba le wena; a ke ke a o lahla kapa a o furalla. O se ke wa tshaba kapa wa tsieleha.
  • Pelo tsa lona di se ferekane. Dumelang ho Modimo; le ho nna le dumele.
  • Moya oo le o amohetseng hase moya wa bokgoba o boelang o le tshabisa, empa ke moya o le etsang bana ba Modimo, oo re howang ka wona, re re: “Abba!” ke ho re: “Ntate!”
  • O ka reka dirobele tse pedi ka sente, empa ha ho le se seng se ka welang fatshe Ntata lona a sa tsebe. Ha e le lona, esita le diqoba tsa moriri wa dihlooho tsa lona di badilwe kaofela. Kahoo le se ke la tshaba; lona le ba bohlokwa ho feta dirobele tse ngata.
  • Ke ka baka leo re leng sebete ho re:
    “Morena ke mothusi wa ka,
    nke ke ka tshaba letho.
    Motho a ka nketsang?”
  • Empa ha ba mmona a tsamaya hodima letsha, ba hopola hore ke sethotsela, mme ba bokolla, hobane ba ne ba mmona bohle, mme ba tshoha. Empa a phakisa a bua le bona, a re: “Kgobang matshwafo, ke nna; se tshabeng!”
  • Se tshabeng, mohlatswana, hobane Ntata lona o kgahlilwe ke ho le nea Mmuso.
  • Empa haeba batho ba le hlokofaletsa ho loka ha lona, le lehlohonolo. Le se ke la ba tshaba, mme le se ke la ferekana.
  • Empa Jesu ha a utlwa, a re ho Jairuse: “Se tshabe; dumela feela, mme o tla fola.”
  • Ke rorisa Modimo,
    hobane ke a mo tshepa,
    ke tshepa Modimo,
    nke ke ka tshaba letho;
    motho yena a ka nketsang?
  • Jwalokaha ntata bana
    a ba utlwela bohloko,
    ka mokgwa o jwalo le Morena
    o utlwela ba mo tshabang bohloko.

Lengeloi la re ho yena: “Se tshabe, Maria, hobane o fumane mohau ho Modimo. Bona, o tla emola, o belehe mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu.”
Bala tše dingwe...