- Lengeloi la re ho yena: “Se tshabe, Maria, hobane o fumane mohau ho Modimo. Bona, o tla emola, o belehe mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu.”
- Nna, nna ke inotshi,
ke nna ya le tshedisang.
O mang wena o tshabang batho,
dibopuwa tse shwang?
O tshabang batho
ba itshwanelang le jwang feela? - Leha nka dikanelwa ke mara,
nke ke ka tshoha letho;
esita leha nka futuhelwa,
le teng ke tla nne ke be le tshepo. - Morena, molemo wa hao
o mokaakang!
O o boloketse ba o tshabang;
pontsheng ya bana ba batho
o o etsetsa ba tshabelang ho wena. - Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, empa ba ke ke ba bolaya moya; le mpe le tshabe ya nang le matla a ho timetsa moya le mmele diheleng.
- Ana dirobele tse hlano ha di rekiswe disente tse pedi na? Athe Modimo ha a lebale le se seng sa tsona. Esita le diqoba tsa moriri wa hlooho tsa lona di badilwe kaofela. Le se ke la tshaba! Le ba bohlokwa ho feta dirobele tse ngata.
- Lengeloi la re ho bona: “Se tshabeng. Bonang, ke le bolella molaetsa o molemo wa thabo e kgolo, eo e tla ba ya batho bohle.”
- Bophelo ba motho
bo ka lopollwa ka maruo a hae,
mofumanehi yena
ha a ke a sokelwa ke motho. - Meetlo ya baditjhaba ke ya lefeela,
baditjhaba ba rema sefate morung,
ebe sebetli ka selepe se a se betla.
Ba se kgabisa ka silefera
le ka kgauta,
ba se kgokgothele ka noto
le ka dipekere,
hore se se ke sa sisinyeha.
Medingwana ena e ka setshosa,
e ka setshosa se hlonngwe
tshimong ya mahapu,
empa ha e le ho bua hona
ha e ho tsebe;
eka kgona ba e jare,
hobane ha e tsebe ho tsamaya.
Lona le se e tshabe,
e ke ke ya le ntsha kotsi,
ho etsa molemo le hona
ha e ho tsebe.
Dihlogotaba tša go tswalana
Tshepo
Tshepa Morena ka pelo...
Sebete
Ke Morena ya tla...
Tlhohleletšo
Ke Morena ya tla...
Go belaela
Se ngongoreheng ka letho...
Modimo
Morena Modimo wa hao...
Tšhireletšo
Hlomelang ka dihlomo tsohle...
Temana ya Bibele ya lehono
Modimo a hlohonolofatsa letsatsi leo la bosupa, a le halaletsa, hobane ka lona o ile a phomola mosebetsing wa hae wohle, oo a o entseng ka ho o hlola.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileAndroidWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Eba le lerato, o be le botshepehi,molaleng wa hao o itlame ka tsona;
o di ngole tlapeng la pelo ya hao.
O tla ratwa ke Modimo le batho,
o iketsetse lebitso mahlong a bona.Temana ya go latela!
