Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Lethabo
- Thabang kamehla, se phetseng ho rapela, lebohang dinthong tsohle, hobane tsena ke tsona tseo Modimo a ratang hore le di etse ka Kreste Jesu.
- Morena Modimo wa hao,
o na le wena,
ke senatlahadi se tla o lwanela.
O tla o thabela ka nyakallo,
a o rate ka lerato la sebele,
a howeletse,
a o hlabele medidietsane,
a e hlabe
sa mohla tsatsi la mokete. - Kamehla thabang ka ho ba ho Morena; ke boela ke re: Thabang!
- Thabang ka baka la tshepo ya lona, mamellang matshwenyehong, tiisetsang thapelong.
- Ha pelo ya ka e touta haholo,
matshediso a hao
a hlabolla moya wa ka. - Lena ke lona letsatsi
le entsweng ke Morena;
a re nyakalleng,
re thabeng ke hona. - Leha fate sa feiye
se ke ke sa fupa,
kapa fate sa morara sa se ke sa beha;
leha mohlwaare
o ke ke wa beha ditholwana,
kapa kotulo ya eba siyo masimong;
leha masaka a dikgutswane a ka oma,
kapa masaka a dikgomo
a mela mohlwa,
nna ke tla nne ke ithabelle Morena,
ke nyakallele Modimo,
Mopholosi wa ka. - O tla mpontsha tsela ya bophelo;
thabo e kgaphatsehang
e fumanwa ho wena,
ho ba ka tsohong la hao le letona
ke monyaka o sa feleng. - Ke tla thabela Morena
ka pelo ya ka yohle,
moya wa ka
o thabele Modimo wa ka haholo,
hobane o nkapesitse kobo
ya ho pholoswa,
a nkwahela ka seaparo sa ho loka,
jwalokaha monyadi
a ikgabisa ka moqhaka,
a ikgabisa
jwaloka moprista a ikgabisa,
monyaduwa a tlatlapela
mabenyane a hae. - Ke buile ditaba tsena ho lona hore thabo ya ka e be ka ho lona, mme thabo ya lona e be e phethehileng.
- Yena eo le mo ratang le hoja le sa ka la mmona, mme le hona jwale le dumelang ho yena le hoja le eso mmone. Jwale le nyakaletse ka thabo e ke keng ya bolelwa, e tlotlehang, hobane le tla amohela moputso wa tumelo ya lona, e leng pholoho ya lona.
- Ho fihlela jwale ha le eso kope letho ka lebitso la ka; kopang, mme le tla fuwa, hore thabo ya lona e be e phethehileng.
- Ka baka leo, ke thabela bofokodi, mahlapa, ditsietsi, ditlhoriso, le mahlomola, ka baka la Kreste, hobane ha ke fokola, eba ke hona ha ke le matla.
- Empa se bewang ke Moya ke lerato, thabo, kgotso, mamello, mosa, molemo, botshepehi, bonolo le boitshwaro. Tse kang tsena, ha ho molao o ka di thibelang.
- Karabo e nepahetseng
e thabisa monga yona,
e tlang ka nako ya yona
e molemo hakaakang! - O setshabelo sa ka,
o tla mphemisa matshwenyeho;
o nteela hare, o a ntopolla. - Motho ka mong a ke a fane ho ya kamoo a rerileng kateng ka pelong ya hae, e seng ka ho kganana kapa ka ho qobellwa. Modimo o rata ya fanang a thabile.
- Pelo e thabileng
e tseba ho fodisa,
empa moya o hlorileng
o tepeletsa mmele. - Thabang le ba thabileng, llang le ba llang.
- Ha ho ka ba jwalo, ke tla le etela ke thabile, ke kgatholohe le lona, ha Modimo a rata.
- Ke a o thabela,
ke nyakallela ho wena;
ke roka lebitso la hao,
wena Ya Hodimodimo. - Ditemoso tsa hao
ke lefa la ka la mehla yohle,
ke thabo ya pelo ya ka. - Morena o kgahlwa ke setjhaba sa hae,
o tlotlisa bahlophehi
ka ho ba pholosa. - Ha ho ntho e nthabisang ho feta ho utlwa hore bana ba ka ba tsamaya nneteng.
- Jwale kantle ho tumelo ha ho kamoo motho a ka kgahlisang Modimo kateng. Ya atamelang pela Modimo eka kgona a dumele hore Modimo o teng, le hore ke yena ya putsang ba mmatlang.
Dihlogotaba tša go tswalana
Bophelo
Morena o tla o...
Pelo
Baballa pelo ya hao...
Dijo
O ile a tima...
Modimo
Morena Modimo wa hao...
Molao
Mantswe ana ao ke...
Manyami
Ha ba lokileng ba...
Temana ya Bibele ya lehono
Qaleho ya bohlaleke ho tshaba Morena,
bohle ba sedi ba phela jwalo.
O lokelwa ke thoriso kamehla.
