Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Manyami
- Ha ba lokileng ba lla,
 Morena o a ba utlwa;
 o ba lopolla
 matshwenyehong wohle a bona.
 Morena o haufi
 le ba feletsweng ke tshepo,
 o pholosa ba meya e tetebetseng.
- Ke Morena ya tla o etella pele. O tla ba le wena; a ke ke a o lahla kapa a o furalla. O se ke wa tshaba kapa wa tsieleha.
- Ho lehlohonolo ba mahlomoleng,
 hobane ba tla tshediswa.
- Ditsietsi tsohle tsa lona le di rolele ho yena, hobane ke yena ya le baballang.
- Bohlale bo bongata
 bo tlisa mahlomola a mangata,
 ya eketsang tsebo
 o ikekeletsa maswabi.
- Kgalefo ya hae
 ke ya motsotswana feela,
 lerato la hae
 ke la bophelo bohle ba motho.
 Leha nka robala ka meokgo,
 ha bo esa e se e le nyakallo.
- Morena, o tseba tsohle
 tseo ke di lakatsang,
 ho fehelwa ha ka
 ha ho a pateha ho wena.
- Re le ba swabileng, empa re thabile; re le ba futsanehileng, empa re ruisa ba bangata; re le ba se nang letho, empa re ruile tsohle.
- Ka utlwa lentswe le phahameng, le tswang teroneng, le re: “Bona, leaho la Modimo ke leo hara batho. O tla aha le bona; bona e tla ba setjhaba sa hae, mme Modimo ka sebele a be le bona, e le Modimo wa bona. O tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona, mme lefu ha le sa tla hlola le eba teng, esita le mahlomola, kapa dillo, kapa bohloko, hobane tsa kgale di fetile.”
- Kahoo fedisa matshwenyeho
 a pelo ya hao,
 o hlohlolle tsietsi tsa mmele wa hao,
 hoba bongwana le botjha
 ke mafeelafeelane.
- Ha ba ka ke ba hlola ba lapa
 kapa ba nyorwa;
 ha ba sa tla tjheswa ke letsatsi,
 kapa lebatama lefe kapa lefe,
 hobane Konyana
 e bohareng ba terone
 e tla ba disa,
 e ba ise didibeng
 tsa metsi a bophelo.
 Modimo o tla hlakola
 meokgo yohle mahlong a bona.
- Thabang le ba thabileng, llang le ba llang.
- Morena, ako utlwe thapelo ya ka,
 o sekehele thapedi ya ka tsebe,
 o se hane ho mamela sello sa ka.
 Ke mojaki naheng ya hao,
 ke mofeti jwaloka bo-ntate.
- “Hona jwale,” ho rialo Morena,
 “kgutlelang ho nna
 ka pelo tsa lona tsohle,
 ka ho itima dijo,
 ka meokgo le ka dillo.”
- Yaba Jobo o a ema, o hahola seaparo sa hae, o beola hlooho ya hae, o itahlela fatshe ho rapela,
 o re:
 “Ke tswetswe ke mme ke le feela,
 ke tla ya lebitleng
 ke ntse ke le feela.
 Morena o na fane,
 Morena o amohile,
 ho ke ho roriswe lebitso la hae.”
- Ho swaba ka mokgwa oo Modimo a o ratang ho hlahisa pako e se nang boikwahlayo, e isang pholohong; athe ho swaba ka mokgwa oo lefatshe le o ratang ho tlisa lefu.
- Morena o tutubolla mahlo a difofu.
 Morena o phahamisa
 ba kgokgopaneng;
 Morena o rata ba lokileng.
- Ngwana ya bohlale
 o thabisa ntatae,
 ngwana ya sethoto
 ke masisapelo ho mmae.
- Kgutla, o yo bolella Hesekiya, moetapele wa setjhaba sa ka, o re ho yena: ‘Morena Modimo wa ntataomoholo, Davida, o bua tjena: Ke utlwile thapelo ya hao, mme ke bone meokgo ya hao. Bona, ke tla o fodisa. Ka letsatsi la boraro o tle o nyolohele ka Tempeleng ya Morena.’
- Le se ke la swabisa Moya o Halalelang wa Modimo, oo ka wona le tshwaetsweng letsatsi la topollo.
- Fate tsa morara di se di omeletse,
 fate tsa feiye tsona di ponne,
 fate tsa kgarenate,
 tsa palema le tsa diapole:
 Difate tsohle tsa naha di omeletse.
 Ruri batho ba feletswe ke monyaka.
- Bodiba bo arabela bodiba
 ka ho hwasa ha diphororo tsa hao,
 maqhubu le merallo yohle ya hao
 e fetile hodima ka.
Dihlogotaba tša go tswalana
Go belaela
Se ngongoreheng ka letho...
Lethabo
Thabang kamehla, se phetseng...
Phološo
Ha ho e mong...
Letšhogo
O se ke wa...
Tlhohleletšo
Ke Morena ya tla...
Mohomotši
Ho bokwe Modimo, Ntata...
Temana ya Bibele ya lehono
Bo kahodimo ho tsohle,iphumanele bona,
ka tsohle tseo o nang le tsona,
o bo reke, o iphumanele kutlwisiso.
