DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Lehu

  • Jesu a re ho yena: “Ke nna tsoho le bophelo; ya dumelang ho nna leha a ka shwa o tla phela. Mang le mang ya phelang, mme a dumela ho nna, ha a ka ke a shwa le ka mohla o le mong; na o dumela hona na?”
  • Hobane ha re phela, re phelela Morena; leha re eshwa, re shwela Morena. Ka baka leo, leha re phela, kapa re eshwa, re ba Morena.
  • Mohla ho hlahang taelo, ka lentswe la lengeloileholo, ka terompeta ya Modimo, Morena ka sebele o tla theoha lehodimong, mme ba shwetseng ho Kreste ba tla tsoha pele. Jwale rona ba tla beng ba ntse ba phela re tla nkelwa marung hammoho le bona, ho ya kgahlanyetsa Morena sebakeng, mme ka mokgwa o jwalo re tla ba le Morena kamehla.
  • Ho nna, bophelo ke Kreste, mme lefu le molemo ho feta.
  • Leha nka tsamaya kgohlong e lefifi,
    nke ke ka tshaba bobe,
    hobane o na le nna,
    lere la hao le molamu wa hao
    di a nkgothatsa.
  • Lentswe lena ke la nnete, le reng:
    “Haeba re shwele le yena,
    re tla phela le yena.”
  • Mpee fubeng sa hao
    jwaloka setempe,
    jwaloka lesekana
    nthwale tsohong la hao,
    hoba matla a lerato
    a tshwana le a lefu,
    sehloho sa lefufa
    se tshwana le sa lebitla.
    Lerato le tuka sa kganare
    e tlola ditlhase,
    jwaloka tetema e laima malakabe!
  • Ke kgodisehile hore leha e le lefu kapa bophelo, leha e le mangeloi, leha e le meya e meng e busang kapa e matla, leha e le tse teng kapa tse tlang ho ba teng, leha e le tse hodimo kapa tse tlase, leha e le sebopuwa sefe kapa sefe, di ke ke tsa re arohanya le lerato la Modimo, leo a re bontshitseng lona ka Kreste Jesu, Morena wa rona.
  • Jwalokaha bohle ba eshwa ka baka la Adama, bohle ba tla boela ba phela ka baka la Kreste.
  • Bakang, mme le phele, hobane ha ho eo ke thabelang lefu la hae, ho rialo Morena Modimo.
  • Ka utlwa lentswe le phahameng, le tswang teroneng, le re: “Bona, leaho la Modimo ke leo hara batho. O tla aha le bona; bona e tla ba setjhaba sa hae, mme Modimo ka sebele a be le bona, e le Modimo wa bona. O tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona, mme lefu ha le sa tla hlola le eba teng, esita le mahlomola, kapa dillo, kapa bohloko, hobane tsa kgale di fetile.”
  • Ke qakilwe ke ntho tsena tse pedi: Ke lakatsa ho falla bophelong bona, ke yo ba le Kreste, mme hona ho molemo ka ho fetisisa, empa ho phela lefatsheng ho ntse ho hlokahala haholo, ka baka la lona.
  • Re tseba hore, mohla lephephe leo re phelang ho lona mona lefatseng le qhaqhollwang, lehodimong re na le lehae leo re le lokiseditsweng ke Modimo, ntlo e sa hahwang ke batho.
  • Erekaha lefu le hlahile ka motho, le tsoho ya bafu e hlaha ka motho.
  • Ha a phahamisa mahlo a le ditlhokofatsong, Nqalong ya Bafu, a bona Aborahama a le hole, Lasaro a le sefubeng sa hae. Yena a howa, a re: ‘Ntate Aborahama, ako nkutlwele bohloko! Roma Lasaro, hore a qopetse ntlha ya monwana wa hae metsing, a phodise leleme la ka, hobane mollo ona o tjhesa habohloko!’
  • Mang le mang ya ratang ho baballa bophelo ba hae bo tla mo senyehela, empa mang le mang ya senyehelwang ke bophelo ba hae ka baka la ka o tla bo rua.
  • Nka ya kae
    ho ipatela moya wa hao?
    Nka balehela kae
    ho ipatela sefahleho sa hao?
    Ha nka nyolohela mahodimong,
    o teng moo;
    leha nka theohela Nqalong ya Bafu,
    le teng o teng.
  • Jesu a meketsa ka lentswe le phahameng, a re: “Ntate, ke bea moya wa ka matsohong a hao.” Hoba a rialo, a neela moya.
  • Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, empa ba ke ke ba bolaya moya; le mpe le tshabe ya nang le matla a ho timetsa moya le mmele diheleng.
  • Ho lehlohonolo, mme ho halalela ba nang le kabelo tsohong ya pele ya bafu. Lefu la bobedi ha le sa na matla hodima bona, empa e tla ba baprista ba Modimo le ba Kreste, mme ba tla busa le yena ka dilemo tse sekete.
  • Ho thata hore motho a shwele ya lokileng; mohlomong motho a ka beta pelo ho shwela ya molemo, empa Modimo o bontshitse lerato la hae ho rona, ka hore Kreste a re shwele ha re ne re sa le baetsadibe.
  • Bonang, kajeno le nna ke ya boyabatho. Botebong ba dipelo tsa lona, le maikutlong a lona, le tseba hantle hore ha ho ntho le e nngwe ya dintho tsohle tse molemo, tseo Morena Modimo wa lona, a le tshepisitseng tsona, e sa kang ya phethahala. Tsohle di phethahetse, ha ho le e nngwe e sa kang ya phethahala.
  • Le tswa ho ntata lona, Diabolosi, mme le rata ho phetha ditakatso tsa ntata lona. Yena e bile mmolai ho tloha tshimolohong, mme ha a a ka a ema nneteng, hobane ha ho nnete ka ho yena. Ha a bua leshano, o bua tseo e leng tsa hae, kahobane o leshano, ke raleshano.
  • Na nna ke thabela lefu la ya kgopo, ho ena le hore a furalle ditsela tsa hae, mme a phele? ho rialo Morena Modimo.

Temana ya Bibele ya lehono

Ha ho e mong ya pholosang ntle ho yena, hobane ha ho na lebitso le leng lesele tlasa letsatsi, le neilweng batho, leo re tshwanelang ho pholoswa ka lona.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Modimo o na le matla a ho le atisetsa dineo tsohle tsa hae, e le hore, kamehla, le tle le be le ho lekaneng dinthong tsohle, le be le ngatafallwe haholo, hoo le ka tsebang ho etsa mesebetsi yohle e molemo.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela