Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Sebe
- Kapa na ha le tsebe hore ba kgopo ba ke ke ba eja lefa la Mmuso wa Modimo? Le se ke la ithetsa: dihlola, le basebeletsi ba medimo ya bohata, le difebe, le ba janang maotwana, le mashodu, le ditlofa, le matahwa, le ba ditlhapa, le dinokwane, ba ke ke ba eja lefa la Mmuso wa Modimo.
- Ha re ipolela dibe tsa rona, Modimo o tla re tshwarela tsona, mme a re hlwekise bokgopo bohle, kaha o a tshepahala, mme o lokile.
- Bohle ke baetsadibe, ba ikamohile tlotla ya Modimo. Empa ba lokafatswa feela ka mohau wa hae, ka ho lopollwa ke Kreste Jesu.
- Ha ho le jwalo, bolayang ditakatso tsa lona tsa lefatshe, e leng bohlola, tse ditshila, ditakatso tse mpe, tsa bokgopo, le meharo, hobane meharo ke ho sebeletsa modimo wa bohata.
- Jwale? Na re tla etsa sebe, kahobane re se tlasa Molao, re mpa re le tlasa mohau? Le kgale!
- Matlafatsa mehato ya ka
ho ya ka tshepiso ya hao,
o se dumelle hore ke buswe ke bobe. - Ha ngwaneno a o sitetswe, eya, o mo nyatse le le inotshi. Haeba a o mamela, e tla ba o hapile pelo ya hae.
- Lona bakwenehi, na ha le tsebe hore ho etsa setswalle le lefatshe ke bora ho Modimo? Mang le mang ya ratang ho ba motswalle wa lefatshe o iketsa sera sa Modimo.
- Oho, Modimo, ako nkgauhele
ka mohau wa hao,
ho ya ka boholo ba lerato la hao
ako hlakole melato ya ka.
Ntlhatswisise bokgopo ba ka,
o ntlhwekise sebe sa ka. - Motho wa nnete
o tsamaya a sireletsehile,
ya se nang nnete, yena o tla senolwa. - O tadimelang phatsa e ka leihlong la ngwaneno, empa o sa lemohe sekoqo se ka leihlong la hao?
- Motho ya molemo o ntsha ho molemo letlotlong le molemo la pelo ya hae, mme e mobe o ntsha ho hobe letlotlong le lebe la pelo ya hae, hobane molomo wa hae o bua se tletseng ka pelong ya hae.
- Ho feta tsohle le ratane ka lerato le mofuthu, hobane lerato le tlosa dibe tse ngata.
- Haeba re re re phedisana le yena, empa re phela lefifing, re leshano, mme ha re phethe tsa nnete.
- Le se ke la ikamahanya le mesebetsi e nyopang ya lefifi, le mpe le e nyatse.
Tseo ba di etsang sephiring, le ho di bolela ho dihlong. - Ho lehlohonolo motho
ya sa lateleng dikeletso
tsa ba kgopo,
ya sa tsamayeng
tseleng ya baetsadibe,
ya sa duleng mokgatlong wa basomi. - Bana beso, haeba motho a ka wela sebeng ka tsometso, lona ba nang le Moya wa Modimo le mmusetse tseleng ka moya o mosa. Le wena o itlhokomele, esere wa lekwa.
- A re: “Se tswang ka ho motho ke sona se mo silafatsang, hobane ke kahare, dipelong tsa batho, moo ho tswang mehopolo e mebe: bohlola, boshodu, dipolao, le bofebe, meharo, bokgopo, thetso, mekgwa e hlabisang dihlong, mona, ketseletso, boikgantsho, le bothoto. Dintho tsena tsohle tse mpe di tswa kahare, mme di silafatsa motho.”
- Yena, ka mmele wa hae, o ile a isa dibe tsa rona sefapanong, hore re tle re shwe ka nqeng ya sebe, mme re phele ka nqeng ya ho loka. Ke yena eo le fodisitsweng ke maqeba a hae.
- Atamelang ho Modimo, mme o tla atamela ho lona. Lona baetsadibe, hlatswang matsoho a lona; lona ba qeaqeang, hlwekisang dipelo tsa lona.
- Molomong o le mong ho tswa thoriso le thohako. Bana beso, ha ho a lokela ho ba jwalo.
- Ka mokgwa o jwalo le Kreste o ile a inyehela hanngwe, ho tlosa dibe tsa ba bangata. Mohla a tlang kgetlo la bobedi, sebe se se se fedisitswe, o tla iponahatsa ho ba mo lebeletseng hore a ba pholose.
- Ya patang dibe tsa hae
a ke ke a ba le katleho;
ya ipolelang tsona, a di bakela,
o tla fumana mohau. - Empa ha e le bohlola, le tsohle tse ditshila, le meharo, di se ke tsa bolelwa le ho bolelwa hara lona, jwalokaha ho loketse bahalaledi.
- Ka baka leo, ha ho motho ya ka lokafatswang pela Modimo ka ho phetha Molao, hobane ke ka Molao re nang le tsebo e tletseng ya sebe.
Dihlogotaba tša go tswalana
Tshwarelo
Ya lalang diphoso ka...
Molao
Mantswe ana ao ke...
Boloki
Ya thahasellang ho loka...
Tlhwekišo
Ha ho le jwalo...
Tshokologo
Haeba setjhaba sa ka...
Mpe
O se ke wa...
Temana ya Bibele ya lehono
Empa ha e le bohlola, le tsohle tse ditshila, le meharo, di se ke tsa bolelwa le ho bolelwa hara lona, jwalokaha ho loketse bahalaledi.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Tshepa Morenaka pelo ya hao yohle,
o se ke wa tshepa bohlale ba hao.
Kenya Morena mererong ya hao,
mo kenye ho yona yohle,
tsela tsa hao a tla di otlolle.Temana ya go latela!