- Morena, hopola lerato
 le mohau wa hao,
 hobane esale o le teng
 ho tloha kgale.
 Nteballe dibe le ditlolo
 tsa botjha ba ka,
 nkgopole ka mohau wa hao.
- Ha le tshwarela batho diphoso tsa bona, le lona Ntata lona ya mahodimong o tla le tshwarela.
- Jesu a ba araba, a re: “Kannetenete, ke a le bolella hore e mong le e mong ya etsang sebe ke lekgoba la sebe.”
- Ba laolwang ke botho ba sitwa ho kgahlisa Modimo.
- Ya jalang tshimong ya tsa botho o tla kotula ho bola ho yona, empa ya jalang tshimong ya tsa Moya, o tla kotula bophelo bo sa feleng ho yona.
- Ho lehlohonolo
 ya tshwaretsweng tlolo ya hae,
 eo sebe sa hae se hlakotsweng.
- Moputso wa sebe ke lefu, empa mpho ya mohau, ya Modimo, ke bophelo bo sa feleng ho Kreste Jesu, Morena wa rona.
- Ho hopolwa ha mofu ya lokileng
 ho lehlohonolo,
 empa bitso la ya kgopo
 le ke ke la hopolwa.
- Ka baka leo, bakang, le sokolohe, dibe tsa lona di tle di hlakolwe.
- Ha le halefile le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le dikella le ntse le halefile. Le se ke la fa Diabolosi monyetla.
- Motsu wa lefu ke sebe, mme matla a sebe ke Molao.
- Ha motho a le molato wa e nngwe ya dintho tsena, o tla ipolela sebe sa hae.
- Bakang, le furalle ditshito tsa lona tsohle; kahoo bokgopo bo ke ke ba le timetsa.
- Jwale re tla reng? Na re tla tswela pele ho etsa sebe hore mohau o tle o ate? Le kgale! Rona ba shweleng ka nqeng ya sebe, re ka nna ra phela ho sona jwang?
- Tsela e teng e bonahalang
 e lokile ho monga yona,
 empa e qetella ka ho isa lefung.
- Ke tla ba tshwarela
 makgopo a bona,
 ha ke sa tla hlola
 ke hopola dibe tsa bona.
- Ya ntseng a etsa sebe ke wa Diabolosi, hobane haesale Diabolosi a etsa sebe ho tloha tshimolohong. Seo Mora wa Modimo a se tletseng ke ho fedisa mesebetsi ya Diabolosi.
- Jwale ke re: Tsamaiswang ke Moya, mme ha le ka ke la phetha ditakatso tsa botho.
- Kreste ya neng a se na sebe, Modimo o ile a mo nka e le moetsadibe ka baka la rona, e le hore ka yena Modimo a re etse ba lokileng.
- Mang le mang ya etsang sebe o tlola molao; sebe ke ho tlola molao.
- Ha motho a etsa sebe ka ho tlola o mong wa melao ya Morena e se ka morero, o molato, leha a ne a sa tsebe, o tla jara bokgopo ba hae.
- “Tloong re lokise ditaba,”
 ho rialo Morena.
 “Leha dibe tsa lona
 di ka ba kgubedu,
 di tla sweufala jwaloka lehlwa;
 leha di ka ba kgubedu tlere!
 di tla sweufala jwaloka boya.”
- Ya buang haholo
 sebe se teng polelong tsa hae,
 ya sa buabueng
 yena ke motho ya bohlale.
- Hlaphohelwang, mme le se ke la nna la etsa sebe. Ba bang ha ba tsebe Modimo; ke rialo hore le hlajwe ke dihlong.
- Empa Mangolo a boletse hore batho bohle ba matleng a sebe, e le hore, ka ho dumela ho Jesu Kreste, ba dumelang ba newe tseo ba di tshepisitsweng.
Dihlogotaba tša go tswalana
Tshwarelo
Ya lalang diphoso ka...
Boloki
Ya thahasellang ho loka...
Molao
Mantswe ana ao ke...
Tshokologo
Haeba setjhaba sa ka...
Kgaugelo
Ka baka leo, a...
Tlhwekišo
Ha ho le jwalo...
Temana ya Bibele ya lehono
Bo kahodimo ho tsohle,iphumanele bona,
ka tsohle tseo o nang le tsona,
o bo reke, o iphumanele kutlwisiso.
