- Ya buang haholo
sebe se teng polelong tsa hae,
ya sa buabueng
yena ke motho ya bohlale. - Ke bolokile tshepiso ya hao,
ka e boloka ka pelong ya ka,
hore ke se ke ka o sitelwa. - Empa Mangolo a boletse hore batho bohle ba matleng a sebe, e le hore, ka ho dumela ho Jesu Kreste, ba dumelang ba newe tseo ba di tshepisitsweng.
- Ho loka ho atlehisa setjhaba,
empa sebe ke sekgobo ho sona. - Ka ba ka ipolela sebe sa ka ho wena,
ka se ke ka pata molato wa ka;
ka re: “Ke tla ipolela
ditlolo tsa ka ho Morena;”
wena wa ntshwarela molato
wa sebe sa ka. - Moo lefufa le dikgang di leng teng, ho na le meferefere le mesebetsi e kgopo.
- Sebe se ke ke sa ba le matla hodima lona, hobane ha le sa le tlasa Molao, empa le tlasa mohau.
- Ha ke a tla ho biletsa ba lokileng pakong, empa baetsadibe.
- O ila hlajwa
ka baka la ditshito tsa rona,
a tetetswa
ka baka la dibe tsa rona,
kotlo e re tlisetsang kgotso
ya mo wela hodimo,
ra fodiswa ke maqeba a hae. - Empa ha ya kgopo a furalla dibe tsa hae tsohle, tseo a di entseng, mme a boloka melao ya ka yohle, a etsa ho lokileng, ho nepahetseng, ruri o tla phela, a ke ke a shwa.
- Itlhatsweng, le itlhwekise,
tlosang ketso tsa lona
tse kgopo mahlong a ka,
le kgaotse ho etsa bokgopo. - Tsela ya Morena
ke tshabelo sa ba lokileng,
empa ba kgopo bona e a ba timetsa. - Le se ke la hlola le neela sebe ditho tsa lona, hore e be dihlomo tsa ho se loke; le mpe le ineele Modimo le le ba phelang, ba tsohileng bafung; le neele Modimo ditho tsa lona, hore e be dihlomo tsa ho loka.
- Erekaha Kreste a ile a mamella mahloko mmeleng, le lona imatlafatseng ka maikutlo a tshwanang le a hae, hobane ya mameletseng mahloko mmeleng o kgaohane le sebe.
- Molaetsa oo le ileng la o utlwa ho Mora wa hae, oo re le bolellang wona, ke ona: Modimo ke lesedi, mme ho yena lefifi ha le yo ho hang.
- Ya bolokang ditaelo
o baballa bophelo ba hae,
ya sa hlokomeleng metsamao ya hae
o tla shwa. - Mahlo a bona bobedi a tutuboloha, mme ba elellwa hore ha ba a tena letho. Ba rokahanya mahaba a sefate sa feiye, ba iketsetsa meitlamo.
- Ke hlakotse tshito tsa hao
jwaloka leru,
ka hlakola dibe tsa hao
jwaloka mohodi,
kgutlela ho nna,
hobane ke o lopolotse. - Seo ke se bolelang ke hore Modimo o ile a boelanya batho bohle ba lefatshe le yena ka Kreste, ka ho ba leballa dibe tsa bona, le ka ho re nea mosebetsi wa ho ba boelanya le yena.
- Seo lerato le leng sona ke sena: hase hore ke rona ba ratileng Modimo, empa ke yena ya re ratileng, a ba a romela Mora wa hae, hore e be nyehelo ka baka la dibe tsa rona.
- Ha ke ne ke sa kgutsitse,
ke ne ke opelwa ke masapo
ke ho dumaela letsatsi lohle. - Le a lakatsa, empa ha le fumane. Le a bolaya, le na le mohono, empa ha le atlehe. Le a qabana, le a lwana; ha le fumane letho, hobane ha le kope ho Modimo.
- Ha e le mona re aparetswe ke leru la dipaki le lekanakana, le rona a re lahleng tsohle tse re sitisang, le sebe se re kgomaretseng, mme re mathe ka tiisetso peisong eo re e beetsweng.
- Jwalokaha botjhabela
bo le hole le bophirimela,
le ditlolo tsa rona o a di suthisa,
o di suthisetsa hole le yena hakaalo. - Athe ha le sa tshwarele batho, Ntata lona le yena a ke ke a le tshwarela diphoso tsa lona.
Dihlogotaba tša go tswalana
Tshwarelo
Ya lalang diphoso ka...
Boloki
Ya thahasellang ho loka...
Molao
Mantswe ana ao ke...
Tshokologo
Haeba setjhaba sa ka...
Kgaugelo
Ka baka leo, a...
Tlhwekišo
Ha ho le jwalo...
