DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Tlhwekišo

  • Ha ho le jwalo, baratuwa, kaha re etseditswe ditshepiso tse jwalo, a re itlhwekiseng ditshileng tsohle tsa nama le tsa moya, ka ho phethahatsa kgalaletso ya rona, re ntse re tshaba Modimo.
  • A re: “Se tswang ka ho motho ke sona se mo silafatsang, hobane ke kahare, dipelong tsa batho, moo ho tswang mehopolo e mebe: bohlola, boshodu, dipolao, le bofebe, meharo, bokgopo, thetso, mekgwa e hlabisang dihlong, mona, ketseletso, boikgantsho, le bothoto. Dintho tsena tsohle tse mpe di tswa kahare, mme di silafatsa motho.”
  • Oho, Modimo, ako bope ka ho nna,
    o bope pelo e hlwekileng,
    o kenye moya o motjha, o tiileng,
    o o kenye ka sefubeng sa ka.
  • Oho, Modimo, ako nkgauhele
    ka mohau wa hao,
    ho ya ka boholo ba lerato la hao
    ako hlakole melato ya ka.
    Ntlhatswisise bokgopo ba ka,
    o ntlhwekise sebe sa ka.
  • Ha re ipolela dibe tsa rona, Modimo o tla re tshwarela tsona, mme a re hlwekise bokgopo bohle, kaha o a tshepahala, mme o lokile.
  • Atamelang ho Modimo, mme o tla atamela ho lona. Lona baetsadibe, hlatswang matsoho a lona; lona ba qeaqeang, hlwekisang dipelo tsa lona.
  • Lona le se le hlwekile ka baka la lentswe leo ke le buileng ho lona.
  • Itlhatsweng, le itlhwekise,
    tlosang ketso tsa lona
    tse kgopo mahlong a ka,
    le kgaotse ho etsa bokgopo.
  • Empa haeba re phela leseding, jwalokaha le yena a le leseding, re a phedisana, mme madi a Jesu, Mora wa hae, a re hlwekisa dibe tsohle.
  • Baratuwa, jwale re se re le bana ba Modimo, empa seo re tlang ho ba sona ha se eso bonahatswe. Feela re a tseba hore, mohla Kreste a iponahatsang, re tla tshwana le yena, hobane re tla mmona kamoo a leng kateng. Mang le mang ya nang le tshepo ena ho yena, o a itlhwekisa, jwalokaha le yena a hlwekile.
  • Yena o iteletse rona, hore a tle a re lopolle bokgopong bohle, a itlhwekisetse setjhaba seo e tla ba sa hae, se tjhesehelang mesebetsi e metle.
  • Le lona banna, ratang basadi ba lona, jwalokaha le Kreste a ratile kereke, mme a e teletse bophelo ba hae. O ratile ho e halaletsa, ka ho e hlwekisa ka tlhatsuo ya metsi, le ka lentswe.
  • Ba bangata ba tla hlwekiswa, ba ntlafatswe, ba lekwe. Ba kgopo bona ba tla nne ba etse bokgopo. Ha ho le ya mong wa ba kgopo ya tla utlwisisa, empa ba bohlale bona ba tla utlwisisa.
  • Jwale o diehelang? Ema, o kolobetswe, o hlatsuwe dibe tsa hao ka ho rapela lebitso la hae.
  • Na madi a Kreste ya inyehetseng ho Modimo ka moya wa hae o sa feleng, a se na sekodi, ekaba wona a hlwekisa hakaakang dipelo tsa rona mesebetsing e isang timelong, e le hore re tle re sebeletse Modimo ya phelang?
  • Metsi ana ke setshwantsho sa kolobetso e re pholosang jwale. Kolobetso hase ho hlatsuwa ditshila tsa mmele, empa ke ho itlama ho Modimo ka letswalo le kgutsitseng. E le pholosa ka tsoho ya Jesu Kreste.
  • Mora o kganya ka tlotla ya Modimo, ke setshwantsho sa boleng ba Modimo, mme tsohle o di boloka ka lentswe la hae le matla. Hoba a re hlwekise dibe, a ya dula ka letsohong le letona la Ya Hodimodimo, mahodimong.
  • “Tloong re lokise ditaba,”
    ho rialo Morena.
    “Leha dibe tsa lona
    di ka ba kgubedu,
    di tla sweufala jwaloka lehlwa;
    leha di ka ba kgubedu tlere!
    di tla sweufala jwaloka boya.”
  • Modimo, o ile wa re hlahloba,
    wa re hlwekisa seboping
    jwaloka silefera.
  • Joshua a re: “Ha ho le jwalo, furallang medimo esele, e teng hara lona, mme le lebise dipelo tsa lona ho Morena Modimo wa Iseraele.”

Temana ya Bibele ya lehono

Ratanang jwaloka bana ba motho, le hlodisane ha le hlomphana.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Kaha o bile ntho ya bohlokwa,
o hlompheha mahlong a ka,
hobane ke o rata,
ke tla fana ka batho
bakeng sa hao,
ke fane ka ditjhaba
bakeng sa bophelo ba hao.
Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela